LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 12
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Levitike

      • Ho itlhwekisa ka mora ho ba le ngwana (1-8)

Levitike 12:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “emola peo.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 15:19

Levitike 12:3

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 17:12; 21:4; LUKA 1:59; 2:21, 22; Joh 7:22

Levitike 12:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 1:10

Levitike 12:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 1:14; 5:7; 14:21, 22; LUKA 2:24

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Lev. 12:2Le 15:19
Lev. 12:3Ge 17:12; 21:4; LUKA 1:59; 2:21, 22; Joh 7:22
Lev. 12:6Le 1:10
Lev. 12:8Le 1:14; 5:7; 14:21, 22; LUKA 2:24
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Levitike 12:1-8

Levitike

12 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bolella Baiseraele hore haeba mosadi a ima* mme a ba le ngwana wa moshanyana, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing.+ 3 Ka letsatsi la borobedi ngwana eo a bolotswe.+ 4 Mosadi eo a qete matsatsi a 33 a itlhwekisa. A se ke a tshwara ntho le ha e le efe e halalelang mme a se ke a kena sebakeng se halalelang ho fihlela a qeta ho itlhwekisa.

5 Haeba a eba le ngwana wa ngwanana o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a 14 feela jwalo ka ha a sa hlweka ha a le matsatsing. A qete matsatsi a 66 a itlhwekisa. 6 Ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fela ka mora hore a be le mora kapa moradi, a nke ramo e nyenyane e nang le selemo, a e tlise ho moprista monyako wa tente ya pokano hore ho etswe nyehelo ya setjheso.+ A tlise le leeba kapa leebanakgorwana hore ho etswe nyehelo ya sebe ka lona. 7 Moprista a e tlise ka pela Jehova mme a etsetse mosadi eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, o tla hlweka phallong ya hae ya madi. Ona ke molao bakeng sa mosadi ya bang le ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana. 8 Empa haeba a ke ke a kgona ho fana ka nku, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi,+ le leng bakeng sa nyehelo ya setjheso le le leng bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe mme o tla hlweka.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share