Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pina ya Davida.
13 Jehova hle, o tla ntebala ho fihlela neng? Ka ho sa feleng?
O tla mpatela sefahleho sa hao ho fihlela neng?+
2 Ke tla dula ke hlorile,
Pelo ya ka e saretswe letsatsi le letsatsi ho fihlela neng?
Sera sa ka se tla nkgatella ho fihlela neng?+
3 Ntjhebe mme o nkarabe hle Jehova Modimo wa ka.
Etsa hore ke boele ke be le matla* e le hore ke se ke ka shwa
4 Yaba sera sa ka se re: “Ke mo hlotse.”
O se ke wa dumella bahanyetsi ba ka hore ba thabe hobane ke hlotswe.+