Genese
50 Josefa a itahlela hodima ntate wa hae+ mme a lla yaba o a mo suna. 2 Josefa a laela dingaka tse mo sebeletsang hore di tlotse*+ setopo sa ntate wa hae. Dingaka tsa tlotsa setopo sa Iseraele, 3 tsa nka matsatsi a 40 ka ha ho ne ho nka nako e kaalo ho tlotsa setopo. Baegepeta ba nna ba mo llela ka matsatsi a 70.
4 Ha matsatsi a ho mo llela a se a fetile, Josefa a bua le balaodi* ba Faro a re: “Ke kopa le fe Faro molaetsa ona: 5 ‘Ntate o ile a re ho nna: “Ke haufi le ho shwa.+ Ntlhapanyetse+ hore o tla mpatela sebakeng sa ka sa lepato+ seo ke se tjhekileng naheng ya Kanana.”+ Ke kopa ho yo pata Ntate, ka mora moo ke tla kgutla.’” 6 Faro a re: “Tsamaya o yo pata ntate wa hao jwalo ka ha o hlapantse.”+
7 Josefa a tsamaya ho ya pata ntate wa hae mme bahlanka bohle ba Faro ba tsamaya le yena, banna ba baholo+ ba lelapa la hae le banna bohle ba baholo naheng ya Egepeta, 8 lelapa lohle la Josefa, bana babo le lelapa lohle la ntate wa hae.+ Ho ne ho setse bana ba banyenyane le diphoofolo Goshene. 9 Bapalami ba dikariki+ le ba dipere ba tsamaya le yena, e ne e le sehlopha se seholo. 10 Ba fihla seotlong sa Atade se Jordane mme ba lla ha bohloko yaba Josefa o llela ntate wa hae ka matsatsi a supileng. 11 Baahi ba naha, e leng Bakanana ba ba bona ba lla seotlong sa Atade mme ba hweletsa ba re: “Baegepeta ba utlwile bohloko hakaakang!” Ke ka lebaka leo sebaka seo se ileng sa bitswa Abele-mizraime,* e Jordane.
12 Bara ba Jakobo ba etsa seo a ba laetseng sona.+ 13 Ba mo isa naheng ya Kanana mme ba mo pata lehaheng la tshimo e Makpela, tshimo e ka pela Mamre eo Abrahama a e rekileng ho Efrone wa Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 14 Ka mora hore Josefa a pate ntate wa hae, a kgutlela Egepeta le bana babo le bohle ba neng ba tsamaile le yena.
15 Ka mora lefu la ntate wa bona, bana ba bo Josefa ba re: “E ka nna yaba Josefa o ntse a re hloile mme o tla iphetetsa ka lebaka la dintho tse mpe tseo re mo entseng tsona.”+ 16 Ba romela molaetsa ho Josefa o reng: “Ntate wa hao o fane ka taelo ena pele a shwa: 17 ‘Le re ho Josefa: “Ke a o kopa, tshwarela bana beno sebe seo ba o entseng sona ha ba ne ba o etsa hampe.”’ Re kopa o tshwarele molato wa bahlanka ba Modimo wa ntate wa hao.” Josefa a lla haholo ha ba ntse ba bua le yena. 18 Bana babo ba tla ho yena mme ba kgumama* ka pela hae ba re: “Ke rona bana re makgoba a hao.”+ 19 Josefa a re ho bona: “Le se ke la tshoha. Nke ke ka le ahlola hobane ha ke Modimo. 20 Le hoja le ne le batla ho ntematsa,+ Modimo o ile a fetola bobe boo hore dintho di tsamaye hantle le ho boloka batho ba bangata ba phela jwalo ka ha le bona kajeno.+ 21 Le se ke la tshoha. Ke tla nne ke le fe dijo le bana ba lona ba banyenyane.”+ A ba tshedisa mme a ba kgothatsa.
22 Josefa a nna a dula Egepeta le ba lelapa la ntate wa hae. O phetse dilemo tse 110. 23 Josefa o ile a bona moloko wa boraro wa bara ba Efraime+ le bara ba Makire,+ mora wa Manase. O ile a ba tshwara jwalo ka bara ba hae.* 24 Josefa a re ho bana babo: “Ke haufi le ho shwa empa Modimo o tla le hlokomela+ mme o tla le ntsha naheng ena a le ise naheng eo a e tshepisitseng Abrahama, Isaka le Jakobo.”+ 25 Josefa a re ho bara ba Iseraele: “Modimo o tla le hlokomela. Ntlhapanyetseng hore le tla tlosa masapo a ka sebakeng sena.”+ 26 Josefa a shwella Egepeta a le dilemo di 110 mme ba tlotsa*+ setopo sa hae ba se kenya ka hara lekase.