Exoda
2 Ka nako eo, monna ya itseng wa leloko la Levi a nyala moradi wa Levi.+ 2 Mosadi eo a ima yaba o ba le mora. Ha a bona ka moo mora eo a neng a le motle ka teng, a mo pata ka dikgwedi tse tharo.+ 3 Ha a se a sa kgone ho mo pata,+ a nka baskete* e entsweng ka lehlaka,* a e tlotsa ka sekontiri se thata le sekontiri se metsi yaba o kenya ngwana ka hara yona mme o e beha hara lehlaka, lebopong la Noka ya Nile. 4 Kgaitsedi ya ngwana eo+ ya emella hojana hore e bone hore na ho tla etsahalang ka yena.
5 Ha moradi wa Faro a theoha ho tla itlhatswa Nokeng ya Nile, basebeletsi ba hae ba basadi ba ne ba tsamaya pela Noka ya Nile. Yaba o bona baskete hara lehlaka. Kapelepele a romela lekgoba la hae la mosadi hore le e nke.+ 6 Ha a e bula, a fumana ngwana wa moshanyana a ntse a lla. A mo qenehela, a re: “Enwa ke e mong wa bana ba Baheberu.” 7 Kgaitsedi ya moshanyana eo ya re ho moradi wa Faro: “Na nka ya ke yo o bitsetsa mosadi ya nyantshang ho basadi ba Baheberu hore a o nyantshetse ngwana eo?” 8 Moradi wa Faro a re ho yena: “Tsamaya.” Hanghang ngwanana eo a tsamaya mme a bitsa mme wa ngwana.+ 9 Moradi wa Faro a re ho mme wa ngwana: “Nka ngwana enwa o nnyantshetse yena mme ke tla o patala.” Mosadi eo a nka ngwana a mo nyantsha. 10 Ha ngwana eo a se a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro mme ya eba mora wa hae.+ A mo reha Moshe* mme a re: “Ke hobane ke mo ntshitse ka metsing.”+
11 Ha Moshe a se a le moholo,* a ya ho bana babo ho ya bona mosebetsi o boima oo ba neng ba o etsa+ mme a bona Moegepeta a otla e mong wa bana babo wa Moheberu. 12 A sheba kwana le kwana mme ha a bona ho se na motho, a bolaya Moegepeta yaba o mo pata lehlabatheng.+
13 Letsatsing le latelang a ya ho bona hape. Ho ne ho ena le banna ba babedi ba Baheberu ba lwanang. A re ho ya fositseng: “Ke hobaneng ha o otla motswalle wa hao?”+ 14 Eo a re: “Ke mang ya o behileng hore o be kgosana le moahlodi wa rona? Na o rerile ho mpolaya jwalo ka ha o bolaile Moegepeta?”+ Moshe a tshoha mme a re: “Taba ena e a tsebahala.”
15 Faro a utlwela ka taba ena yaba o leka ho bolaya Moshe empa Moshe a baleha Faro mme a ya naheng ya Midiane+ ho ya dula teng. Ha a fihla moo, a dula fatshe pela sediba. 16 Moprista wa Midiane+ o ne a ena le baradi ba supileng mme ba ile ba tla ho tla kga metsi yaba ba tlatsa dinwelo hore ba nwese diphoofolo tsa ntate wa bona. 17 Empa jwalo ka ha badisa ba ne ba tlwaetse, ba ile ba tla mme ba ba leleka. Moshe a ema a thusa* basadi bao mme a nwesa le diphoofolo tsa bona. 18 Ha ba fihla hae, ntate wa bona Reuele*+ a makala, a re: “Ho tla jwang hore ebe kajeno le tlile hae kapele hakaale?” 19 Ba re: “Moegepeta ya itseng+ o ile a re pholosa ho badisa, a ba a re kgella metsi mme a nwesa le diphoofolo.” 20 A re ho baradi ba hae: “Jwale o kae? Ke hobaneng ha le siile monna eo? Mo bitseng hore a tlo ja le rona.” 21 Ka mora moo, Moshe a dumela ho dula le monna eo yaba o fa Moshe moradi wa hae Zipora+ hore a mo nyale. 22 Ha morao a ba le mora yaba o mo reha Gershome*+ hobane o ile a re, “Ke fetohile moditjhaba naheng eo e seng ya heso.”+
23 Ka mora dilemo tse ngata,* morena wa Egepeta a shwa+ empa Baiseraele ba nna ba tletleba le ho lla ka lebaka la bokgoba mme ba nna ba llela ho Modimo wa nnete+ hore a ba thuse. 24 Ka mora nako, Modimo a utlwa ho tletleba ha bona+ yaba o hopola selekane* sa hae le Abrahama, Isaka le Jakobo.+ 25 Modimo a bona Baiseraele mme a hlokomela hore ba a sotleha.