Genese
4 Adama a robala le mosadi wa hae Eva yaba o a ima.+ Ha Kaine+ a hlaha, Eva a re: “Jehova o nthusitse ho ba le* mora.” 2 Ha morao Eva a ba le mora e mong e leng Abele,+ ngwanabo Kaine.
Abele ya eba modisa mme Kaine ya eba molemi. 3 Ka mora nako e itseng, Kaine a tlisetsa Jehova nyehelo ya dijo tse tswang masimong. 4 Abele yena a tlisa matsibolo a diphoofolo tsa hae,+ a etsa mahlabelo ka tsona ha mmoho le mafura a tsona. Jehova o ile a amohela Abele le nyehelo ya hae+ 5 empa ho hang ha a ka a amohela Kaine le nyehelo ya hae. Kaine a halefa haholo mme a utlwa bohloko.* 6 Jehova a re ho Kaine: “Ke hobaneng ha o halefile hakaale ebile o utlwile bohloko?* 7 Haeba o ka fetoha mme wa etsa se setle, na nke ke ka o amohela?* Empa haeba o sa fetohe, sebe se o emetse monyako e le hore se o laole. Na o tla se hlola?”
8 Kaine a re ho ngwanabo Abele: “A re ye naheng.” Ha ba ntse ba le naheng, Kaine a hlasela ngwanabo Abele mme a mo bolaya.+ 9 Ha morao, Jehova a re ho Kaine: “Ngwaneno Abele o hokae?” A re: “Ha ke tsebe. Na ke nna mohlokomedi* wa hae?” 10 Modimo a re: “O entseng? Utlwa madi a ngwaneno a tsholletsweng fatshe+ a llela ho nna. 11 O rohakilwe mme ke o leleka sebakeng sena seo o bolaetseng ngwaneno ho sona.*+ 12 Ha o lema, mobu o ke ke wa hlahisa letho.* O tla lelera lefatsheng mme o be mmalehi.” 13 Kaine a re ho Jehova: “Kotlo eo o mphang yona ka lebaka la phoso eo ke e entseng e a nkimela mme ha ke kgone ho e mamella. 14 Kajeno o nteleka sebakeng sena mme ke tla ba hole le wena. Ke tla lelera lefatsheng, ke be mmalehi mme mang kapa mang ya mphumanang o tla mpolaya.” 15 Jehova a re ho yena: “Ka lebaka leo, mang kapa mang ya bolayang Kaine o tla fuwa kotlo ka makgetlo a supileng.”
Jehova a behela Kaine letshwao* la hore mang kapa mang ya mo fumanang a se ke a mo bolaya. 16 Kaine a tloha ka pela Jehova a yo dula naheng ya Botlamuwa* e ka botjhabela ho Edene.+
17 Kaine a robala le mosadi wa hae+ yaba o a ima mme o tswala Enoke. Kaine a haha motse mme a o rehella ka mora wa hae Enoke. 18 Enoke a ba le mora ya bitswang Irade. Irade a ba le mora ya bitswang Mehujaele, Mehujaele a ba le mora ya bitswang Methushaele mme Methushaele a ba le mora ya bitswang Lameke.
19 Lameke a nyala basadi ba babedi. Lebitso la mosadi wa pele e ne e le Ada mme wa bobedi e le Tsilla. 20 Ada a tswala Jabale. Jabale ke yena motho wa pele wa ho dula ditenteng le ho rua diphoofolo. 21 Lebitso la ngwanabo e ne e le Jubale. Ke yena motho wa pele wa ho letsa harepa le phala.* 22 Tsilla a ba le mora ya bitswang Tubale-kaine ya neng a etsa dithulusi tsa mefutafuta tsa koporo le tshepe. Kgaitsedi ya Tubale-kaine e ne e le Naama. 23 Lameke a re ho basadi ba hae, e leng Ada le Tsilla:
“Mmameleng, lona basadi ba Lameke,
Le utlwe seo ke se buang:
Ke bolaile monna hobane a ntemaditse,
Ka nnete ke bolaile mohlankana hobane a nkotlile.
24 Haeba motho ya bolayang Kaine o tla fuwa kotlo ka makgetlo a supileng,+
Ya bolayang Lameke yena o tla fuwa kotlo ka makgetlo a 77.”
25 Adama a boela a robala le mosadi wa hae. Eva a ba le mora mme a mo reha Setha*+ hobane o ile a re: “Modimo o mphile mora* e mong bakeng sa Abele ka ha Kaine o mo bolaile.”+ 26 Setha a ba le mora mme a mo reha Enoshe.+ Ka nako eo, batho ba qala ho bitsa lebitso la Jehova.