Zakaria
5 Ka boela ka sheba hodimo mme ka bona moqolo o fofang. 2 Lengeloi la mpotsa la re: “O bonang?”
Ka re: “Ke bona moqolo o fofang, o bolelele ba dimithara tse ka bang robong* le bophara ba dimithara tse ka bang nne le halofo.”
3 La re ho nna: “Ena ke thohako e yang lefatsheng lohle hobane ka lehlakoreng le leng la moqolo oo ho ngotswe batho bohle ba utswang+ empa ba sa fuwa kotlo. Ka lehlakoreng le leng ho ngotswe batho bohle ba etsang dikano+ empa ba sa fuwa kotlo. 4 Jehova wa mabotho o re, ‘Ke o rometse mme o tla kena ntlong ya leshodu le ntlong ya motho ya etsang kano ya leshano ka lebitso la ka. O tla dula ntlong eo, o e fedise o be o fedise mapolanka le majwe a yona.’”
5 Lengeloi le neng le bua le nna la tla ho nna la re: “Ke kopa o shebe hodimo o bone hore na ho tswang.”
6 Ka le botsa ka re: “Ke eng?”
Yaba le re: “Ntho eo e tswang ke nkgo e lekanyang.”* La boela la re: “Ena ke tsela eo batho bohle ba kgopo lefatsheng ba shebahalang ka yona.” 7 Ke ile ka bona sekwahelo se sedikadikwe sa loto se phahamiswa mme ho ne ho ena le mosadi ya dutseng ka hara nkgo eo. 8 La re: “Mosadi enwa o bitswa Bokgopo.” Yaba o mo kgutlisetsa ka hara nkgo e lekanyang. Ka mora moo, a e kwahela ka sekwahelo se boima sa loto.
9 Ka sheba hodimo yaba ke bona ho tla basadi ba babedi, ba fofa moyeng. Ba ne ba ena le mapheo a kang a mokotatsie yaba ba nyollela nkgo eo sepakapakeng. 10 Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna ka re: “Ba isa nkgo eo hokae?”
11 La re: “Ba e isa naheng ya Shinare*+ hore ba yo mo hahela ntlo. Ha e se e lokisitswe, o tla behwa moo sebakeng sa hae se mo loketseng.”