Esaia
12 Letsatsing leo o tla re:
“Ke a o leboha, Jehova
Hobane le hoja o ne o nkgalefetse,
Butlebutle bohale ba hao bo ile ba kokobela mme wa ntshedisa.+
Ke tla mo tshepa mme nke ke ka tshoha.+
4 Letsatsing leo le tla re:
“Lebohang Jehova, ipiletseng lebitsong la hae.
Tsebahatsang mesebetsi ya hae ditjhabeng.+
Bolelang hore lebitso la hae le phahamisitswe.+
5 Binelang Jehova dipina tsa thoriso+ hobane o entse dintho tse kgolo.+
Le tsebise lefatshe lohle.