Dipesaleme
115 Ha re tshwanelwe ke letho Jehova, ho hang ha re tshwanelwe ke letho.
2 Ke hobaneng ha ditjhaba di re:
“Modimo wa bona o hokae?”+
3 Modimo wa rona o lehodimong.
O etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a batlang ho e etsa.
5 Di na le melomo empa ha di bue.+
Di na le mahlo empa ha di bone.
6 Di na le ditsebe empa ha di utlwe.
Di na le dinko empa ha di fofonele.
7 Di na le matsoho empa ha di tshware.
Di na le maoto empa ha di tsamaye.+
Ha di ntshe modumo ka mmetso ya tsona.+
12 Jehova o a re hopola ebile o tla re hlohonolofatsa.
O tla hlohonolofatsa ditloholo tsa Iseraele,+
A hlohonolofatse ditloholo tsa Arone.
13 O tla hlohonolofatsa ba tshabang Jehova,
A hlohonolofatse ba banyenyane le ba baholo.
17 Bafu ha ba rorise Jah.
Le bohle ba mabitleng* ha ba mo rorise.+
18 Empa re tla rorisa Jah
Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.
Rorisang Jah!*