Jobo
13 Leihlo la ka le bone dintho tsena tsohle,
Tsebe ya ka ya di utlwa mme ya di utlwisisa.
2 Seo le se tsebang le nna ke a se tseba,
Ha ke tlase ho lona.
6 Ke kopa le mamele maikutlo a ka,
Mme le ele hloko dikopo tsa ka.
7 Na le tla bua dintho tse sa lokang le sebedisa lebitso la Modimo,
Le ho bua leshano ka lebitso la hae?
9 Na ha Modimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+
Na le tla mo thetsa jwalo ka ha le thetsa batho?
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tshosa,
Na le ke ke la tshoha ka lebaka la hae?
12 Mantswe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso jwalo ka molora,
Dikarabo tsa lona ha di na thuso jwalo ka dithebe tse entsweng ka letsopa.
13 Tholang e le hore nka bua.
Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle!
17 Mmameleng ka hloko,
Le ele hloko seo ke se buang.
18 Jwale ke hlophisitse nyewe ya ka,
Ke a tseba hore ha ke na molato.
22 Mpitse mme ke tla o araba,
Kapa o ntumelle hore ke bue mme o nkarabe.
23 Ke entse dibe le diphoso dife?
Mpolelle phoso ya ka le sebe sa ka.
25 Na o tla tshosa lekgasi le fefotsweng ke moya,
Kapa o lelekise ditlhaka tse omeletseng?
26 O ntse o ngola diqoso tse bohloko ka nna
Mme o etsa hore ke arabelle dibe tsa botjheng ba ka.