Diproverbia
30 Molaetsa o boima o hlahang mantsweng a Agure mora wa Jake, oo a ileng a o bolella Ithiele le Ukale:
2 Hara batho bohle, ke nna ya se nang tsebo+
Ebile ha ke na kutlwisiso eo motho a lokelang ho ba le yona.
3 Ha ke a ithuta bohlale
Hape ha ke na tsebo eo Ya Halalelang ka ho Fetisisa a nang le yona.
4 Ke mang ya nyolohetseng lehodimong yaba o a theoha?+
Ke mang ya bokeletseng moya ka diatleng tse pedi?
Ke mang ya phuthetseng metsi ka seaparong sa hae?+
Ke mang ya behileng* meedi ya hore na lefatshe le felle hokae?+
Lebitso la hae ke mang, la mora wa hae ke mang haeba le a tseba?
5 Polelo e nngwe le e nngwe ya Modimo e hlwekile.+
Modimo ke thebe ho ba tshabelang ho yena.+
6 O se ke wa eketsa letho mantsweng a hae,+
Ho seng jwalo o tla o kgalemela
Ebe o fumanwa o le leshano.
7 Ke kopa dintho tse pedi ho wena.
Ke ikopela tsona feela ha ke sa ntse ke phela.
8 O nthuse hore ke qobe bolotsana le leshano.+
O se ke wa etsa hore ke futsanehe kapa ke rue.
Ntumelle feela hore ke je dijo tseo ke di hlokang+
9 E le hore ke se ke ka kgora yaba ke a o latola mme ke re: “Jehova ke mang?”+
Kapa ka futsaneha yaba ke a utswa mme ke senya Modimo wa ka lebitso.
10 O se ke wa etselletsa mohlanka ho monga hae,
Ho seng jwalo a ka nna a o rohaka yaba o fumanwa o le molato.+
14 Ho na le moloko oo meno a wona e leng disabole,
Oo mehlahare ya wona e leng dithipa tse selakgang.
O ja bafutsana ba teng lefatsheng
Le bafutsana ba hara ditjhaba.+
15 Dikwidi di na le baradi ba babedi ba hweletsang ba re: “Tlisa! Tlisa!”
Ho na le dintho tse tharo tse sa kgotsofaleng,
Dintho tse nne tseo ho seng mohla di reng: “Ho lekane.”
16 Lebitla*+ le popelo e sa imeng,
Naha e se nang metsi
Le mollo oo ho seng mohla o reng: “Ho lekane.”
17 Makgwaba a dikgohlo* a tla honya leihlo
La motho ya somang ntate wa hae le ya sa mameleng mme wa hae+
Mme madinyane a ntsu a tla ja leihlo la hae.+
19 Ntsu e fofang mahodimong,
Noha e hahabang hodima lefika,
Sekepe se tsamayang bohareng ba lewatle
Le boitshwaro ba monna ha a ena le morwetsana.
20 Mosadi ya febang o etsa tjena:
O a ja, a itlhakole melomo
Ebe o re: “Ha ke a etsa phoso.”+
21 Ho na le dintho tse tharo tse tsukutlang lefatshe
Le tse nne tseo le ke keng la di mamella:
23 Ha mosadi ya hloilweng* a nyalwa,
Le ha mosebeletsi wa morwetsana a nka sebaka sa monga hae wa mosadi.+
29 Ho na le tse tharo tse kgahlehang ha di tsamaya,
Tse nne tse bohehang ha di tsamaya:
30 Tau e matla ka ho fetisisa hara diphoofolo.
Ha e tjhetjhe ka pela mang kapa mang,+