Esaia
22 Phatlalatso e tobisitsweng Kgohlong ya Pono:*+
Molato keng ka lona ha le hlweletse marulelong kaofela?
2 O motse o lerata, motse o tletseng boikgohomoso,
O ne o tletse moferefere.
Batho ba hao ba bolailweng ha ba a bolawa ka sabole
Ebile ha ba a shwella ntweng.+
3 Bahatelli bohle ba hao ba balehile mmoho.+
Ba entswe batshwaruwa ho sa hlokahale seqha.
Batho bohle ba fumanweng ba entswe batshwaruwa+
Le hoja ba ne ba balehetse hole.
4 Ke ka lebaka leo ke itseng: “Kgaotsang ho ntjheba.
Le se ke la tsitlella ho ntshedisa.
5 Ke letsatsi la morusu, tlholo le pherekano,+
Le tswa ho Mmusi wa Dintho Tsohle Jehova wa mabotho
Le Kgohlong ya Pono.
Lerako le a heletswa+
Mme ho na le seboko se fihlang thabeng.
Dipere* di tla ema keiting.
8 Lesira* la Juda le tla tloswa.
Letsatsing leo o tla sheba pokello ya dihlomo tsa Ntlo ya Moru+ 9 mme o tla bona makgalo a mangata a Motse wa Davida.+ Hape, o tla bokella metsi a letamo le ka tlase.+ 10 O tla bala matlo a Jerusalema mme o tla heletsa a mang e le ho tiisa lerako. 11 O tla etsa beisine pakeng tsa marako a mabedi bakeng sa ho kgakeletsa metsi a letamo la kgale empa o ke ke wa tshepa Moetsi wa lona e Moholo mme o ke ke wa bona Ya le entseng kgale.
12 Letsatsing leo, Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho,
O tla batla hore batho ba lle, ba hloname,+
Ba beole dihlooho le ho apara lesela le hwashang.*
13 Empa ho ena le hoo, ba thabile, ba entse mekete,
Ba hlaba dikgomo, ba hlaba dinku,
Ba ja nama, ba nwa veine.+
Ba re: ‘A re jeng, re nweng hobane hosane re tlo shwa.’”+
14 Yaba Jehova wa mabotho o senola taba ena: “‘Phoso ena ya lona e ke ke ya tshwarelwa ho fihlela le shwa,’+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.”
15 Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho o re: “Eya ho Shebna+ motsamaisi ya okametseng ntlo ya morena* mme o re ho yena, 16 ‘Ke eng eo o e thahasellang moo? O thahasella mang moo, hoo o itjheketseng lebitla?’ O tjheka lebitla la hae moo ho phahameng, o itjhekela lebitla* lefikeng. 17 ‘Wena monna, bona! Jehova o tla o tabanya fatshe mme o tla o tshwara ka thata. 18 O tla o phuthela ka thata, a o betsetse naheng e sabaletseng jwalo ka bolo. O tla shwella moo mme dikariki tsa hao tse hlomphehang di tla fella moo, ba ntlo ya monga hao ba swabe. 19 Ke tla o tlosa boemong ba hao, ke o ntshe ka ofising ya hao.
20 Letsatsing leo, ke tla bitsa mohlanka wa ka Eliakime+ mora wa Hilkia. 21 Ke tla mo apesa seaparo sa hao se selelele, ke mo tlame ka tiyo ka lebanta la hao+ mme ke fane ka bolaodi* ba hao letsohong la hae. E tla ba ntate wa baahi ba Jerusalema le ba ntlo ya Juda. 22 Ke tla beha senotlolo sa ntlo ya Davida+ lehetleng la hae. O tla bula mme ha ho na ya tla kwala, o tla kwala mme ha ho na ya tla bula. 23 Ke tla mo kokotela jwalo ka sepekere* sebakeng se tiileng mme o tla ba jwalo ka terone ya kganya ho ntlo ya ntate wa hae. 24 Ba tla fanyeha kganya yohle ya ntlo ya ntate wa hae hodima hae, ditloholo le bana,* dijana tsohle tse nyenyane, dikotlolo ha mmoho le dinkgo tsohle tse kgolo.’
25 Jehova wa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, ho tla tloswa sepekere* se kokoteletsweng sebakeng se tiileng, se tla kgaolwa se we mme mojaro o hodima sona o fediswe+ hobane Jehova o buile jwalo.’”