Deuteronoma
28 Haeba le etsa bonnete ba hore le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le mamele ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, ka sebele Jehova Modimo wa lona o tla etsa hore le phahamele ditjhaba tse ding tsohle tsa lefatshe.+ 2 Ka ha le ntse le mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona, le tla fumana ditlhohonolofatso tsena tse ngata:+
3 Le tla hlohonolofatswa metseng ya lona mme le hlohonolofatswe le masimong a lona.+
4 Le tla hlohonolofatswa ka bana ba bangata,+ ka diphoofolo tse ngata+ le masimo a lona a hlahise dijo tse ngata.
5 Le tla hlohonolofatswa ka hore dibaskete tsa lona di tlale+ le ka hore dikotlolo tsa lona tseo le dubelang ho tsona di tlale.+
6 Le tla atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.
7 Jehova o tla etsa hore le hlole dira tsa lona tse le lwantshang.+ Di tla le hlasela di hlaha lehlakoreng le le leng empa di tla le baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng.+ 8 Jehova o tla hlohonolofatsa matlo a lona a polokelo*+ le ntho e nngwe le e nngwe eo le e etsang mme le tla hlohonolofatswa naheng eo Jehova Modimo wa lona a le fang yona. 9 Jehova o tla le etsa setjhaba sa hae se halalelang+ feela jwalo ka ha a ile a ikana ho lona+ hobane le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona mme le tsamaya ditseleng tsa hae. 10 Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla bona hore le bitswa ka lebitso la Jehova+ mme di tla le tshaba.+
11 Jehova o tla etsa hore le be le bana ba bangata, mehlape e mengata le hore masimo a lona a hlahise dijo tse ngata+ naheng eo Jehova a hlapanyeditseng baholoholo ba lona hore o tla le fa yona.+ 12 Jehova o tla le bulela ntlo ya hae e tletseng ya polokelo e leng mahodimo, ho fa naha ya lona pula ka nako ya yona+ le ho hlohonolofatsa dintho tsohle tseo le di etsang. Le tla adima ditjhaba tse ngata tjhelete ya lona le hoja ho ke ke ha hlokahala hore le adime letho ho tsona.+ 13 Haeba le mamela ditaelo tsa Jehova Modimo wa lona tseo ke le laelang tsona kajeno ebile le di boloka, Jehova o tla etsa hore le phahamele batho ba bang mme a ke ke a dumella hore ba le hatelle. Le tla ba phahamela+ mme le ke ke la ba ka tlase ho bona. 14 Le se ke la kgeloha mantswe ohle ao ke le laelang ona kajeno mme la ya ka ho le letona kapa le letshehadi,+ ka ho latela medimo e meng e le hore le e sebeletse.+
15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, dikotlo tsena tsohle di tla le tlela mme dintho tsena tsohle tse mpe di tla le hlahela:+
16 Le ke ke la atleha metseng ya lona mme le masimo a lona a ke ke a hlahisa dijo.+
17 Dibaskete tsa lona le dikotlolo tseo le dubelang ho tsona di ke ke tsa eba le dijo.+
18 Le ke ke la ba le bana*+ mme masimo a lona a ke ke a hlahisa dijo le mehlape ya lona e ke ke ya tswala manamane le dikonyana.+
19 Le ke ke la atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang.
20 Jehova a ke ke a atlehisa ntho e nngwe le e nngwe eo le e etsang mme le tla fuwa kotlo ho fihlela le fediswa ka potlako ka lebaka la diketso tsa lona tse mpe le ka hobane le ntahlile.+ 21 Jehova o tla etsa hore le be le bolwetse bo sa feleng ho fihlela a le fedisitse naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona.+ 22 Jehova o tla le otla ka lefuba, feberu,+ ho ruruha, motjheso wa feberu, sabole,+ komello le phori*+ mme di tla le lelekisa ho fihlela le fedisitswe. 23 Ke tla kwala mahodimo e le hore pula e se ke ya na* mme ke etse hore lefatshe le se ke la hlahisa dijo.*+ 24 Jehova o tla etsa hore pula ya naha ya lona e be mobu le lerole mme di tla theoha ho tswa mahodimong ho fihlela le fedisitswe. 25 Jehova o tla etsa hore dira tsa lona di le hlole.+ Le tla di hlasela le hlaha lehlakoreng le le leng empa le tla di baleha ka mahlakore a supileng a fapaneng. Mebuso yohle ya lefatshe+ e tla tshoha ha e bona dintho tsohle tse mpe tse le hlahelang. 26 Ditopo tsa lona e tla ba dijo tsa dinonyana tsohle tsa lehodimo le diphoofolo tsohle tsa naha mme ha ho motho ya tla di leleka.+
27 Jehova o tla le otla ka mathopa a Egepeta, ho ruruha ha methapo ya ka morao, bolwetse ba letlalo le makgopho a masesaane mme di ke ke tsa fola. 28 Jehova o tla le otla ka bohlanya, bofofu+ le ho ferekana.* 29 Le tla phopholetsa hara motshehare feela jwalo ka ha motho ya foufetseng a phopholetsa lefifing+ mme le ke ke la atleha nthong e nngwe le e nngwe eo le e etsang. Le tla dula le etsetswa bolotsana ebile le nkelwa dintho, ho se ya le pholosang.+ 30 Le tla lebeletsa basadi empa banna ba bang ba tla ba beta. Le tla haha matlo empa le ke ke la dula ho ona.+ Le tla lema morara empa le ke ke la o ja.+ 31 Dipoho tsa lona di tla hlajwa ka pela mahlo a lona empa le ke ke la di ja. Ditonki tsa lona di tla utsuwa le ntse le shebile empa di ke ke tsa kgutlela ho lona. Dinku tsa lona di tla fuwa dira tsa lona empa ho ke ke ha eba le motho ya le pholosang. 32 Bara le baradi ba lona ba tla fuwa batho ba bang+ le ntse le shebile mme le tla dula le ba hlolohelwa empa le ke ke la kgona ho etsa letho. 33 Ditholwana tsa naha ya lona le dijo tsohle tsa lona di tla jewa ke batho bao le sa ba tsebeng+ mme le tla dula le etsetswa bolotsana le bile le hloriswa. 34 Le tla hlantshwa ke seo mahlo a lona a se bonang.
35 Jehova o tla le otla ka mathopa a bohloko le a sa foleng mangoleng le maotong, ho tloha ka tlasa leoto ho ya hara hlooho. 36 Lona ha mmoho le morena eo le mo kgethileng, Jehova o tla le lelekela setjhabeng seo lona le baholoholo ba lona le sa kang la se tseba+ mme moo le tla sebeletsa medimo e meng e leng medimo e entsweng ka patsi le lejwe.+ 37 Ha le fihla dibakeng tseo Jehova a le leleketseng ho tsona,+ batho ba moo ba tla le makalla mme ba le tshehe ka lebaka la dintho tse le etsahalletseng.
38 Le tla jala peo e ngata tshimong empa le ke ke la kotula dijalo tse ngata+ hobane ditsie di tla di ja. 39 Le tla lema morara mme le o hlaolele empa le ke ke la nwa veine ya wona kapa la o kotula+ hobane diboko di tla o ja. 40 Le tla ba le difate tsa mohlwaare naheng yohle ya lona empa le ke ke la itlotsa ka oli ya tsona hobane di tla hlohloreha. 41 Le tla tswala bara le baradi empa ba ke ke ba dula e le ba lona hobane ba tla ya botlamuweng.+ 42 Dikokwanyana tse ngata* di tla ja difate le ditholwana tsohle tsa lona. 43 Baditjhaba ba dulang hara lona ba tla ba matla ho le feta mme lona le tla fokola le ho feta. 44 Ditjhaba di tla le adima dintho tseo di nang le tsona empa le ke ke la di adima letho.+ Di tla le phahamela mme lona le tla ba ka tlasa tsona.+
45 Le tla tlelwa ke dikotlo tsena tsohle+ ho fihlela le fedisitswe+ hobane ha le a ka la mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona le ditaelo tseo a le laetseng tsona.+ 46 Di tla tlela lona le bana ba lona e le pontsho le temoso ka ho sa feleng+ 47 hobane ha le a ka la sebeletsa Jehova Modimo wa lona ka pelo e thabileng ha le ne le ena le dintho tse ngata.+ 48 Jehova o tla romela dira ho lona mme le tla di sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyorilwe, le se na diaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ya tshepe melaleng ya lona ho fihlela a le fedisitse.
49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+ 50 setjhaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ya tsofetseng kapa e motjha.+ 51 Se tla ja mehlape ya lona le ditholwana tsa naha ya lona ho fihlela le fedisitswe. Se ke ke sa le siela dijo, veine e ntjha kapa oli, manamane kapa dikonyana ho fihlela se le fedisitse.+ 52 Se tla le thibella, se le kwalle ka hara metse* ya lona naheng ya lona ho fihlela marako a lona a phahameng a le sireleditseng a wa. Se tla le thibella ka hara metse ya lona eo Jehova Modimo wa lona a le fileng yona.+ 53 Ka ha le tla be le thibeletswe ebile le hateletswe ke dira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le baradi ba lona+ bao Jehova Modimo wa lona a le fileng bona.
54 Esita le monna ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona a ke ke a qenehela ngwanabo, mosadi wa hae ya ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ya bara ba hae eo a tla e ja hobane ha a sallwa ke letho ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.+ 56 Mosadi ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona ya neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatshe hobane a phela ha monate,+ a ke ke a qenehela monna wa hae ya ratehang, mora kapa moradi wa hae, 57 esita le thari e tswang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tswalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.
58 Haeba le sa mamele mantswe ohle a Molao ona a ngotsweng bukeng ena+ mme le sa hlomphe lebitso lena le kganyang le le hlomphehang+ la Jehova+ Modimo wa lona, 59 Jehova o tla tlisetsa lona le bana ba lona dikotlo tse bohloko e leng dikotlo tse boima le tse sa feleng+ le malwetse a bohloko a sa foleng. 60 O tla le tlisetsa malwetse ohle a Egepeta ao le neng le a tshaba mme le ke ke la fola. 61 Hape, Jehova o tla le tlisetsa malwetse ohle kapa dikotlo tse sa ngolwang bukeng ena ya Molao ho fihlela le fedisitswe. 62 Le hoja le le bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo,+ ho tla sala feela palo e fokolang ya lona+ hobane ha le a ka la mamela lentswe la Jehova Modimo wa lona.
63 Feela jwalo ka ha Jehova a ne a thabela ho le hlohonolofatsa le ho le atisa, ka ho tshwanang Jehova o tla thabela ho le fedisa mme le tla tloswa naheng eo le yang ho e nka hore e be ya lona.
64 Jehova o tla le hasanya hara ditjhaba tsohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya pheletsong e nngwe ya lefatshe+ mme moo le tla lokela ho sebeletsa medimo e entsweng ka patsi le lejwe, eo lona kapa baholoholo ba lona ba sa kang ba e tseba.+ 65 Le ke ke la eba le kgotso hara ditjhaba tseo+ kapa la eba le sebaka sa bodulo. Ho ena le hoo, Jehova o tla etsa hore le tshwenyehe,+ mahlo a lona a fifale le be le nyahame.+ 66 Bophelo ba lona bo tla ba kotsing mme le tla dula le tshohile bosiu le motshehare. Le ke ke la tseba hore na le tla pholoha kapa tjhe. 67 Hoseng le tla re, ‘Hoja ebe ke mantsiboya!’ mme mantsiboya le tla re, ‘Hoja ebe ke hoseng!’ ka lebaka la ho tshoha le ka lebaka la seo mahlo a lona a tla se bona. 68 Jehova o tla le kgutlisetsa Egepeta ka sekepe, ka tsela eo ke itseng ha le sa tla hlola le e bona mme moo le tla lokela ho ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba a banna le a basadi empa ho ke ke ha eba le motho ya le rekang.”