Esaia
5 Ke tla binela moratuwa wa ka pina.
Ke pina e buang ka moratuwa wa ka le tshimo ya hae ya morara.+
Moratuwa wa ka o ne a ena le tshimo ya morara letswapong le nang le mobu o motle.
2 O ile a e lema mme a tlosa majwe ho yona,
A hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubedu ho yona,
A haha tora hara yona
A ba a tjhekela sehatelo sa veine ho yona.+
O ne a tshepile hore sefate seo se tla hlahisa morara o monate
Empa sa hlahisa morara o mobe feela.+
3 “Jwale lona baahi ba Jerusalema le lona banna ba Juda,
Ka kopo ahlolang pakeng tsa ka le tshimo ya ka ya morara.+
Ho tlile jwang hore e hlahise morara o mobe
Empa ke ne ke lebeletse hore e hlahise morara o monate?
5 Jwale ke kopa ho le bolella
Hore na ke tla etsang ka tshimo ya ka ya morara:
Ke tla tlosa lekgwakgwa la yona
Mme e tla tjheswa.+
Ke tla heletsa lerako la yona
Mme e tla hatakelwa.
6 Ke tla e etsa sebaka se lahlilweng.+
E ke ke ya hlaolwa kapa difate tsa yona tsa morara tsa pongwa makala.*
E tla mela dihlahla tse meutlwa le ditlamatlama+
Hape ke tla laela maru hore a se ke a e nesetsa pula.+
7 Tshimo ya morara ya Jehova wa mabotho ke ntlo ya Iseraele.+
Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata.
O ne a lebeletse toka+
Empa ho ne ho se na toka.
O ne a lebeletse ho loka
Empa a utlwa seboko sa batho ba sotlwang.”+
8 Ho madimabe lona ba ikekeletsang matlo+
Le lona ba ikekeletsang masimo+
Ho fihlela ho se ho se letho le saletseng batho ba bang.
Le dula le le bang hara naha.
9 Ke utlwile Jehova wa mabotho a hlapanya
Hore matlo a mangata e tla ba dithako,
A hloke baahi+
Le hoja a le maholo a bile a le matle.
10 Tshimo e kgolo* e tla ntsha dilithara tse 22* feela tsa veine
Le dilithara tse 220* tsa peo di ntshe dilithara tse 22* feela.+
12 Ba na le harepa le seletsa se dikgwele,
Moropa o monyenyane, lekodilo le veine meketeng ya bona.
Empa ha ba nahane ka mosebetsi wa Jehova
Ebile ha ba bone mosebetsi wa matsoho a hae.
Banna ba bona ba hlomphehang ba tla lapa+
Le batho ba bona kaofela ba bolawe ke lenyora.
Botle ba hae,* batho ba hae ba bangata ba lerata le ba ratang menate
Ba tla theohela ho lona.
16 Jehova wa mabotho o tla roriswa ka lebaka la kahlolo* ya hae.
Modimo wa nnete, Mohalaledi,+ o tla ikgalaletsa ka ho loka.+
17 Dikonyana di tla fula jwalo ka ha eka di lekgulong la tsona.
Baditjhaba ba tla ja dihlahiswa tsa dibaka tse se nang baahi, tseo ho tsona ho kileng ha eba le diphoofolo tse nonneng.
18 Ho madimabe ba hulanyang phoso ya bona ka dithapo tsa bolotsana
Le ba hulanyang sebe sa bona ka diropo tsa kariki.
19 Ba re: “Ha a ke a potlakise mosebetsi wa hae.
O ke o tle kapele e le hore re o bone.
20 Ho madimabe ba reng botle ke bobe, bobe ke botle,+
Ba reng lefifi ke lesedi, lesedi ke lefifi,
Ba reng ntho e babang e monate mme e monate e a baba.
24 Feela jwalo ka ha mollo o tjhesa ditlhaka
Mme jwang bo ommeng bo tjheswa ke lelakabe,
Metso ya bona e tla bola
Le dithunthung tsa bona di fefohe jwalo ka phofo
Hobane ba hana ho mamela molao* wa Jehova wa mabotho,
Ba telletse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.+
25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,
O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaye.+
Dithaba di tla tsukutleha,
Ditopo tsa bona di tshwane le dithole tse seterateng.+
Ka lebaka la dintho tsena, Modimo o a tuka ke bohale
Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.
26 O phahamiseditse batho ba hole haholo letshwao,*+
O letseditse ba dulang dipheletsong tsa lefatshe molodi.+
Ke bao ba tla ka potlako.+
27 Ha ho le ya mong wa bona ya kgathetseng kapa ya kgoptjwang.
Ha ho ya otselang kapa ya robalang.
Mabanta a mathekeng a bona a tiile
Le marapo a dieta* tsa bona ha a kgaohe.
Ditlhako tsa dipere tsa bona di thata jwalo ka lehakwe
Le mabidi a dikariki tsa bona a tshwana le moya wa sefefo.+
Ba tla rora, ba tshware phofu
Ba tsamaye ka yona mme ho ke ke ha eba le motho ya e pholosang.
Mang kapa mang ya shebang naha o tla bona lefifi le tshosang.
Le lehodimo le tla fifala ka lebaka la maru.+