Amose
5 Utlwang lona Baiseraele, ena ke kodiyamalla* eo ke le binelang yona:
2 ‘Morwetsana Iseraele o wele naheng ya habo,
Ha a kgone ho phahama.
Motho e mong le e mong o mo lahlile kgerehlwa,
Ha ho na ya batlang ho mo phahamisa.’
3 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
‘Motse o neng o futuha ka bahlabani ba sekete o tla sallwa ke ba lekgolo feela,
O neng o futuha ka ba lekgolo wona o sallwe ke ba leshome feela. Ena ke yona ntho e tla hlahela bana ba Iseraele.’+
4 Jehova o itse ho bana ba Iseraele:
‘Ha le ka kgutlela ho nna le tla phela.+
5 Le se ke la ya Bethele+ le re le yo ntshebeletsa,
Le se ke la leka ho ya Gilgale+ kapa ho fetela Beersheba+
Ka ha Gilgale e tla haptjwa,+
Bethele yona ha e sa tla ba teng.*
6 Kgutlelang ho Jehova le tle le phele+
E le hore a se ke a ikakgela ka hara ntlo ya Josefa,
A tjhesa Bethele yaba ha ho motho ya ka e timang.
7 Le etsa hore toka e babe jwalo ka lengana hore bophelo ba batho bo be bosula,
Le e lahlela fatshe hore batho ba e hatakele.+
8 Sebeletsang Modimo ya bopileng sehlopha sa dinaledi sa Kima* le sa Kesile,*+
Ya etsang hore lefifi e be meso,
Ya etsang hore motshehare o be lefifi jwalo ka bosiu,+
Ya bokellang metsi a lewatle
E le hore a nosetse lefatshe ka ona.+
Lebitso la hae ke Jehova.
9 O dihela koduwa hodima dinatla,
Metse e sireleditsweng o e etsa lesupi.
Le ke ke la dula ka hara matlo ano a lona ao le a hahileng ka majwe.+
Le masimo a morara o motle le a lemme empa le ke ke la nwa veine ya wona.+
Ha le etsa jwalo, Jehova Modimo wa mabotho o tla ba le lona
Jwalo ka ha le bolela.+
15 Hloyang dintho tse fosahetseng le rate tse nepahetseng,+
Baahlodi ba metse ya lona ba ke ba ahlole ka toka.+
Mohlomong Jehova Modimo wa mabotho
O tla hauhela ditloholo tse setseng tsa Josefa.’+
16 Jehova Modimo wa mabotho, yena Jehova o re:
‘Ho tla utlwahala seboko diterateng tse kgolo,
Batho ba tsamaye diterateng ba ntse ba re: “Jowe! Jowe!”
Ba tla bitsa dihwai hore di tlo lla,
Ba hire le batho ba llang.
18 ‘Ho madimabe ba emetseng letsatsi la Jehova.+
Le ka lebella hore ho etsahaleng letsatsing la Jehova?+
Letsatsi leo e tla ba la lefifi eseng lesedi.+
19 Ho tla ba jwalo ka ha motho a baleha tau ebe o kopana le bere,
E re ha a kena ka tlung a itshwareletsa ka lebota, noha e mo lome.
20 Letsatsi la Jehova e tla ba la lefifi eseng lesedi,
E be la botsho eseng kganya.
21 Ke hloile mekete ya lona ebile ke a e nyonya+
Le monko wa mahlabelo ao le a etsang diphuthehong tsa lona ha ke o thabele.
22 Le ha le ka nketsetsa mahlabelo a setjheso kapa la ntlisetsa dimpho,
Nke ke ka di amohela+
Le mahlabelo a lona a kopanetsweng a entsweng ka diphoofolo tse nontshitsweng, nke ke ka a amohela.+
23 Tlohelang ho nketsetsa lerata ka dipina tsena tsa lona,
24 Toka e ke e phalle jwalo ka metsi naheng ya lona+
Le ho loka ho be jwalo ka molapo o dulang o phalla.
25 Lona Baiseraele, na le ile la nketsetsa mahlabelo kapa la ntlisetsa dimpho
Ka dilemo tse 40 tseo le di qetileng lefeelleng?+
26 Le tla lokela ho nka Sakuthe le Kaiwane,*
E leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona tseo le di sebedisang ho rapela modimo wa lona wa naledi.
27 Le tla ba batshwaruwa ka nqane ho Damaseka,’+ ke Modimo wa mabotho eo lebitso la hae e leng Jehova ya tjhong.+