Jobo
23 Jobo a re:
4 Ke ne ke tla isa nyewe ya ka ho yena,
Ke ipuelle ka pela hae.
5 Ke ne ke tla mamela seo a se buang
Ke be ke nahane ka sona.
6 Na o ne a tla ntwantsha ka matla a hae a maholo?
Tjhe, empa o ne a tla mmamela.+
7 Motho ya lokileng o tla lokisa ditaba le yena moo
Mme moahlodi wa ka o tla bolela hore ha ke na molato.
8 Empa ha ke ya botjhabela ha a yo
Le ha ke kgutla ha ke mo fumane.
9 Ha a sebetsa ka lehlakoreng le letshehadi ha ke mo bone.
Le ha a ya ka ho le letona ke ntse ke sa mo bone.
10 Empa o tseba dintho tseo ke di entseng.+
Ka mora hore a nteke, ke tla tswa ke le jwalo ka kgauta.+
12 Ke mametse melao eo a e buileng.
Ke mametse dipolelo tsa hae+ ho feta ka moo ke neng ke laetswe ka teng.
13 Ha a ikemiseditse ho etsa ntho, ha ho na motho ya ka mo thibang.+
Ha a batla ho etsa ntho e itseng, o a e etsa.+
14 O tla etsa sohle seo a ikemiseditseng ho se etsa ka nna
Mme ho na le dintho tse ngata tse jwalo ka tsena tseo a mpehetseng tsona.
15 Ke ka lebaka la hae ke ikutlwang ke tshwenyehile,
Ha ke nahana ka yena, ke tshoha le ho feta.
16 Modimo o entse hore ke be boi,
Ya Matla Ohle o entse hore ke tshohe.
17 Sefahleho sa ka se kwahetswe ke lefifi le letsholetsho
Empa nke ke ka thola.