Hosea
4 Utlwang lentswe la Jehova lona setjhaba sa Iseraele.
Jehova o tlo ahlola baahi ba naha+
Hobane ha ba tshepahale, ha ba na lerato* ebile ha ba tsebe Modimo.+
Batho ba bolayana ba sa tswa bolayana.+
Diphoofolo tse hlaha le dinonyana
Esita le ditlhapi di tla shwa.
4 “Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le motho ya le hanyetsang kapa ya le kgalemelang+
Hobane le tshwana le batho ba hanyetsang moprista.+
5 O tla kgoptjwa motshehare.
Moprofeta le yena o tla kgoptjwa le lona jwalo ka ha eka ke bosiu.
Ke tla bolaya mme wa lona.
6 Batho ba ka ba tla fediswa hobane ha ba ntsebe.
Ka ha ba hanne ho ntseba,+
Ke tla ba lahla hore e se ke ya eba baprista ba ka.
7 Ha ba ntse ba eketseha ba ne ba ntshitelwa le ho feta.+
Ke tla etsa hore ba tlotlollwe ho ena le hore ba tlotliswe.*
8 Ba ja mahlabelo a sebe seo batho ba ka ba se etsang
Ebile ba lakatsa hore batho ba ka ba nne ba etse dibe.
9 Batho bana le baprista ba tla hlahelwa ke ntho e tshwanang.
Ke tla ba fa kotlo ka lebaka la boitshwaro ba bona
Ebile ke tla etsa hore ba fumane ditlamorao tsa diketso tsa bona.+
10 Ba tla ja empa ba ke ke ba kgora.+
11 Ho etsa botekatse* le ho nwa veine ya kgale kapa e ntjha
Ho etsa hore motho a se ke a lakatsa ho etsa se nepahetseng.+
12 Batho ba ka ba bua le medimo ya bona e entsweng ka patsi.
Ba etsa seo melamu* ya bona e ba bolellang sona
Hobane ho etsa botekatse ho etsa hore ba kgelohe.
Ka lebaka la botekatse ba bona ba hana ho mamela Modimo wa bona.
13 Ba etsa mahlabelo hodima dithaba+
Le mahlabelo a kubellang mosi maralleng,
Tlasa difate tsa ouku,* tsa storaxe le tlasa difate tsohle tse kgolo+
Hobane moriti wa tsona o monate.
Ke ka lebaka leo baradi ba lona ba etsang botekatse
Le dingwetsi tsa lona di etsang bofebe.
14 Nke ke ka fa baradi ba lona kotlo ka lebaka la botekatse ba bona
Kapa ka otla dingwetsi tsa lona ka lebaka la bofebe ba tsona
Hobane banna ba tsamaya le matekatse
Ebile ba etsa mahlabelo le matekatse a tempele.
Batho bao ba se nang kutlwisiso+ ba tla fediswa.
16 Baiseraele ba manganga jwalo ka kgomo e manganga.+
Na jwale Jehova o tla ba disa jwalo ka ramo e nyenyane lekgulong le leholo?*
17 Efraime o rapela medimo ya ditshwantsho.+
Le kgaohane le yena.
Baetapele* ba bona ba rata ho etsa dintho tse hlabisang dihlong.+
19 Moya o tla ba thatela* ka mapheo a wona.
Ba tla swabela mahlabelo a bona.”