Dipesaleme
Pina ya Asafe.+
50 Jehova, Modimo wa medimo*+ o buile.
O bitsa batho bohle lefatsheng
Ho tloha botjhabela ho fihlela bophirimela.
2 Modimo o kganya a le Sione e leng motse o motle haholo.+
3 Modimo wa rona o tla tla mme a ke ke a thola.+
7 “Mmameleng, lona setjhaba sa ka mme ke tla bua le lona.
Lona Baiseraele, ke tla bua ka molato wa lona.+
Ke nna Modimo, Modimo wa lona.+
8 Ha ke le kgalemelle mahlabelo a lona
Kapa dinyehelo tsa lona tse feletseng tsa setjheso tse ka pela ka ka mehla.+
11 Ke tseba dinonyana tsohle tsa dithabeng.+
Diphoofolo tsohle tsa naheng ke tsa ka.
12 Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella.
Lefatshe ke la ka le tsohle tse ho lona.+
14 Fanang ka diteboho e le sehlabelo sa lona ho Modimo,+
Le phethe dikano tsa lona tseo le di etseditseng Ya Phahameng ka ho Fetisisa.+
15 Le mpitse ha le le mahlomoleng.+
Ke tla le pholosa mme le tla ntlotlisa.”+
16 Empa Modimo o tla re ho ba kgopo:
20 Le dula fatshe ebe le bua hampe ka ngwanabo lona.+
Le senola diphoso tsa* ngwanabo lona.
21 Ha le etsa dintho tsena, ke ne ke thotse.
Ka hoo, le ne le nahana hore ke tla tshwana le lona.
Empa jwale ke tla le kgalemela,
Ke tla bolela diphoso tsa lona.+