Buka ya Bobedi ya Marena
14 Ha Joase+ mora wa Joakaze morena wa Iseraele a ena le dilemo tse pedi a busa, Amazia mora wa Morena Joase wa Juda ya eba morena. 2 O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 29. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jehoadine ya tswang Jerusalema.+ 3 Amazia o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova empa eseng jwalo ka moholoholo wa hae Davida.+ O ile a etsa dintho tsohle jwalo ka ntate wa hae Joase.+ 4 Empa dibaka tse phahameng ha di a ka tsa tloswa.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+ 5 Ha mmuso wa hae o se o le matla, a hlasela bahlanka ba hae ba ileng ba bolaya ntate wa hae eo e neng e le morena.+ 6 Empa ha a ka a bolaya bara ba bahlanka bao ho latela taelo ya Jehova e ngotsweng bukeng ya Molao wa Moshe e reng: “Bontate ba se ke ba bolawa ka lebaka la bara ba bona le bara ba se ke ba bolawa ka lebaka la bontate ba bona. Empa e mong le e mong a bolawe ka lebaka la sebe sa hae.”+ 7 A bolaya banna ba 10 000 ba Baedomo+ Kgohlong ya Letswai+ mme a hapa motse wa Sela+ o ileng wa bitswa Jokthiele ho fihlela kajeno.
8 Amazia a romela baromuwa ho Joase mora wa Joakaze setloholo sa Jehu morena wa Iseraele a re: “Tloo re tlo lwana.”*+ 9 Morena Joase wa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia wa Juda a re: “Dihlabahlabane tsa Lebanone di rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘Ere mora wa ka a nyale moradi wa hao.’ Empa sebata sa naha ya Lebanone sa feta moo sa hatakela dihlabahlabane tseo. 10 O a ikgohomosa hobane o bolaile Baedomo.+ Thabela tlholo ya hao empa o itulele moo ha hao.* Ke hobaneng ha o qala ntwa e tla etsa hore o hlolwe ha mmoho le Juda?” 11 Amazia ha a ka a mamela.+
Morena Joase wa Iseraele a ya ho Morena Amazia wa Juda mme ba lwantshana ba le Bethe-shemeshe+ ya Juda.+ 12 Baiseraele ba hlola Bajuda mme masole a Bajuda a balehela malapeng* a ona. 13 Morena Joase wa Iseraele a hapa Morena Amazia wa Juda mora wa Joase setloholo sa Akazia Bethe-shemeshe. Ba tla Jerusalema mme ba diha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ya Efraime+ ho ya Keiting e Khoneng.+ E ne e le sebaka se boholo ba dimithara tse 178.* 14 A nka kgauta le silevera yohle le dintho tsohle tse neng di le ka tlung ya Jehova le matlotlo a ntlo ya morena* ha mmoho le batshwaruwa. Ka mora moo, a kgutlela Samaria.
15 Histori yohle ya Joase, dintho tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a lwantshitseng Morena Amazia wa Juda ka teng, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 16 Joase a shwa* mme a patelwa Samaria+ le marena a Iseraele. Mora wa hae Jeroboame*+ ya eba morena.
17 Amazia+ mora wa Joase morena wa Juda a phela dilemo tse 15 ka mora lefu la Joase+ mora wa Joakaze morena wa Iseraele.+ 18 Histori yohle ya Amazia e ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 19 Ha morao ba rera ho mo bolaya+ Jerusalema mme a balehela Lakishe empa ba romela batho mme ba mo bolaela teng. 20 Ba mo lata ka dipere mme a patelwa Jerusalema le baholoholo ba hae Motseng wa Davida.+ 21 Batho bohle ba Juda ba etsa Azaria*+ morena ka mora hore ntate wa hae Amazia+ a shwe. O ne a le dilemo di 16 ka nako eo.+ 22 A hapa Elathe,+ a e haha botjha mme a e kgutlisetsa ho Bajuda ka mora hore morena a shwe.*+
23 Ha Amazia mora wa Joase morena wa Juda a ena le dilemo tse 15 a busa, Jeroboame+ mora wa Morena Joase wa Iseraele ya eba morena Samaria mme a busa ka dilemo tse 41. 24 O ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Ha a ka a tlohela ho etsa dibe tsohle tseo Jeroboame mora wa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba di etse.+ 25 O ile a kgutlisetsa moedi wa Iseraele ho tloha Lebo-hamathe*+ ho ya Lewatleng la Araba,*+ ho ya ka seo Jehova Modimo wa Iseraele a ileng a se bua a sebedisa mohlanka wa hae Jonase+ mora wa Amitai, moprofeta wa Gathe-hefere.+ 26 Jehova o ne a bone ka moo Baiseraele ba utlwileng bohloko ka teng.+ Ho ne ho se na motho ya ka ba thusang esita le batho ba boemo bo tlase ba ne ba le siyo. 27 Empa Jehova o ne a tshepisitse hore a ke ke a fedisa Baiseraele lefatsheng.+ Ka hoo, o ile a sebedisa Jeroboame mora wa Joase ho ba pholosa.+
28 Histori yohle ya Jeroboame, dintho tsohle tse kgolo tseo a di entseng le ka moo a ileng a lwana le ho kgutlisetsa Damaseka+ le Hamathe+ Juda ho Baiseraele, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Iseraele. 29 Jeroboame a shwa jwalo ka baholoholo ba hae e leng marena a Iseraele. Mora wa hae Zakaria+ ya eba morena.