Amose
1 Dilemo tse pedi pele ho tshisinyeho ya lefatshe,+ mehleng ya puso ya Uzia+ morena wa Juda le Jeroboame+ mora wa Joashe,+ eo e neng e le morena wa Iseraele, nna Amose* ke ne ke le e mong wa badisa ba dinku ba tswang Tekowa.+ Yaba ke bolellwa mantswe a buang ka Iseraele ponong. 2 A ne a re:
“Jehova o tla bua ka lentswe le matla a le Sione,
A hweletse a le Jerusalema.
Makgulo a tla tjha,
Dimela tse tlhorong ya Karmele di omelle.+
3 Jehova o re:
‘“Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse.
Ba ile ba pola Gileade jwalo ka ha motho a pola koro* ka selei sa tshepe se polang.*+
5 Ke tla roba mekwallo ya dikeiti tsa Damaseka,+
Ke timetse baahi ba Bikathe-avene
Ha mmoho le motho ya busang* Bethe-edene,
Batho ba Siria ba tla iswa botlamuweng Kire,”+ ke Jehova ya tjhong.’
6 Jehova o re:
‘“Baahi ba Gaza+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuweng+ Edomo.
8 Ke tla fedisa baahi ba Ashdode+
Ha mmoho le ya busang* Ashkelone.+
Ke tla otla Ekrone,+
Bafilista ba setseng ba tla timela,”+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’
9 Jehova o re:
‘Baahi ba Tire+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuweng Edomo
Hape ba lebetse selekane sa bana ba motho.+
10 Ke tla romela mollo lerakong la Tire.
O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng.’+
11 Jehova o re:
‘Baahi ba Edomo+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ba ile ba lelekisa bana ba bo bona ka sabole+
Yaba ha ba ba hauhele.
Ba ba ranthanya ba halefile
Ebile ba dula ba ba halefetse.+
12 Ke tla romela mollo Temane.+
O tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Bozra.’+
13 Jehova o re:
‘“Baahi ba Amone+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ba tabotse dimpa tsa basadi ba baimana ba Gileade e le hore ba ikekeletse meedi.+
14 Ke tla hotetsa mollo lerakong la Raba.+
O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng,
Ho tla ba le sefefo letsatsing la ntwa,
Ho be le setsokotsane letsatsing la sefefo.
15 Morena wa bona o tla haptjwa ha mmoho le dikgosana tsa hae,” ke Jehova ya tjhong.’+