Hosea
2 “Ereng ho bana ba bo lona, ‘Le setjhaba sa ka.’*+
Le re ho dikgaitsedi tsa lona, ‘Le basadi ba hauhetsweng.’*+
O lokela ho tlohela botekatse,*
A tlohele le ho etsa bofebe,
3 Ho seng jwalo ke tla mo hlobodisa hore a be jwalo ka mohla a neng a tswalwa.
Ke etse hore a be jwalo ka lehwatata,
A be jwalo ka naha e se nang metsi
Le hore a bolawe ke lenyora.
5 Mme wa bona o entse botekatse.+
Ya neng a ba imme o entse ntho e hlabisang dihlong+ hobane o itse,
‘Ke tla sala bao ke ratanang le bona morao,+
Ba mphang dijo le metsi,
Diaparo tsa ulu le tsa line, oli le veine.’*
6 Ke tla thiba tsela ya hae ka sehlahla se meutlwa.
Ke tla haha lebota la majwe hore le mo thibe
E le hore a se ke a bona tsela.
7 O tla lelekisa bao a ratanang le bona empa a ke ke a ba tshwara.+
O tla ba batla empa a ke ke a ba fumana.
Ka hoo o tla re, ‘Ke tla kgutlela ho monna wa ka wa pele+
Hobane dintho di ne di ntsamaela hantle ka nako eo ho feta hona jwale.’+
8 O ne a sa hlokomele hore ke nna ya mo fileng koro,+ veine e ntjha le oli
Le hore ke nna ya mo fileng silevera e ngata
Le kgauta eo ba ileng ba e sebedisetsa ho rapela Baale.+
9 ‘Ka lebaka leo, ke tla mo nkela koro ya ka e butswitseng
Le veine ya ka e ntjha ka nako ya yona+
Ebile ke tla phamola diaparo tsa ka tsa ulu le tsa line tseo a neng a di apara.
10 Ke tla mo hlobodisa ka pela bao a ratanang le bona.
Ha ho na monna ya tla mo pholosa ho nna.+
11 Ke tla fedisa thabo yohle ya hae
E leng mekete ya hae+ ya ha kgwedi e qala, disabatha tsa hae le dinako tsohle tsa hae tsa mekete.
12 Ke tla senya difate tsa hae tsa morara le tsa feie* tseo a itseng ka tsona:
“Ona ke moputso wa ka oo ke o filweng ke bao ke ratanang le bona.”
Ke tla di etsa moru
Mme diphoofolo tse hlaha di tla di ja.
13 Ke tla etsa hore a ikarabelle ka lebaka la matsatsi ao ka ona a ileng a etsetsa ditshwantsho tsa Baale mahlabelo,+
Matsatsi ao ka ona a neng a ikgabisa ka direng le ka mekgabiso ebe o sala bao a ratanang le bona morao.
Ka nako eo, o ne a ntebetse,’+ ke Jehova ya tjhong.
15 Ka mora moo, ke tla kgutlisetsa difate tsa hae tsa morara ho yena+
Ebile ke tla etsa hore a fete Kgohlong* ya Akore+ hore a kene naheng e fanang ka tshepo.
O tla nkaraba a le moo jwalo ka mehleng ya hae ha a sa le motjha
Jwalo ka mohla a neng a tswa naheng ya Egepeta.+
16 Letsatsing leo, o tla re ke monna wa hao
Mme o ke ke wa hlola o re ke monga hao,’* ke Jehova ya tjhong.
17 ‘Nke ke ka mo dumella hore a bitse mabitso a ditshwantsho tsa Baale+
Ebile a ke ke a hlola a hopola mabitso a tsona.+
18 Letsatsing leo, ke tla etsa selekane bakeng sa bona le diphoofolo tse hlaha,+
Dinonyana le diphoofolo tse hahabang.+
19 Ke tla o nka hore o be mosadi wa ka ka ho sa feleng.
Ke a o tshepisa hore ke tla o tshwara hantle le ka toka,
Ke o rate ke be ke o hauhele.+
20 Ke tshepisa hore ke tla o tshepahalla.
O tla tseba hore ke nna Jehova.’+
22 Lefatshe le tla araba koro le veine e ntjha le oli.