Esaia
18 Ho madimabe naha e tletseng modumo wa mapheo a dikokwanyana a phuphuselang,
Naha e dinokeng tsa Ethiopia.+
2 E romela baromuwa ka lewatle,
Ka dikepe tsa lodi hodima metsi, e re:
“Tsamayang, lona baromuwa ba lebelo,
Le ye setjhabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreledi,
Ho batho ba tshajwang hohle,+
Setjhaba se matla, se hlolang,*
Seo naha ya sona e hohotsweng ke dinoka.”
3 Lona baahi bohle ba naha le lona baahi ba lefatshe,
Le tla bona ntho e jwalo ka letshwao* le phahamisitsweng dithabeng,
Le tla utlwa modumo o tshwanang le wa lenaka le letsitsweng.
4 Jehova o itse ho nna:
“Ke tla dula ke sa kgathatswe mme ke shebe sebaka sa ka*
Jwalo ka motjheso le kganya ya letsatsi,
Jwalo ka phoka nakong ya kotulo ha ho tjhesa.
5 Pele ho kotulo,
Ha dithunthung di fedile le palesa e fetoha morara o butswang,
Letlobo le tla kgaolwa ka sekere se kutang difate
Le makala a ithatelang a tla tloswa, a kgaolwe.
6 Kaofela a tla sielwa dinonyana tsa dithaba tse jang nama
Le dibata tsa lefatshe.
Dinonyana tse jang nama di tla qeta lehlabula di ntse di a ja
Le dibata tsohle tsa lefatshe di tla qeta nako ya kotulo di ntse di a ja.