Moeklesia
10 Feela jwalo ka ha dintsintsi tse shweleng di etsa hore oli e nkgang ha monate e senyehe e be e nkge hampe, bothoto bo bonyenyane le bona bo senya lebitso la motho ya bohlale le ya hlomphuwang.+
2 Pelo ya motho ya bohlale e mo lebisa tseleng e nepahetseng* empa pelo ya motho ya se nang kelello e mo lebisa tseleng e fosahetseng.*+ 3 Ho sa tsotellehe hore na motho ya se nang kelello o nka tsela efe, ho a hlaka hore ha a na kelello*+ mme o bolella motho e mong le e mong hore ke sethoto.+
4 Haeba mmusi a ka o halefela, o se ke wa tloha moo o leng teng+ hobane ha o le bonolo o kokobetsa dibe tse kgolo.+
5 Ho na le ntho e nngwe e bohloko eo ke e boneng lefatsheng* e leng phoso e etswang ke babusi:+ 6 Mawatla a behwa maemong a phahameng empa batho ba nang le boiphihlelo* ba dula ba le maemong a tlase.
7 Ke bone bahlanka ba palame dipere empa dikgosana di tsamaya ka maoto jwalo ka ha eka ke bahlanka.+
8 Motho ya tjhekang sekoti a ka wela ka ho sona+ mme ya phunyang lerako la majwe a ka longwa ke noha.
9 Motho ya tjhekang majwe a ka ntshwa kotsi ke ona. Motho ya rathang patsi a ka nna a tswa kotsi.*
10 Haeba sesebediswa sa tshepe se se bohale mme motho a sa se leotse, o tla lokela ho sebedisa matla a mangata. Empa bohlale bo tla mo thusa hore a atlehe.
11 Haeba motho a longwa ke noha pele a e tsherehanya, ha ho na thuso ya hore ebe o kgona ho tsherehanya dinoha.*
12 Mantswe a tswang molomong wa motho ya bohlale a monate+ empa molomo wa motho ya hlokang kelello o mo tlisetsa mathata.+ 13 Mantswe a pele a tswang molomong wa hae ke bowatla+ mme mantswe a hae a ho qetela ke bohlanya bo bakang tlokotsi. 14 Empa sethoto se tswela pele ho bua.+
Motho ha a tsebe dintho tse tla etsahala. Ke mang ya ka mo bolellang hore na ho tla etsahalang ha a se a le siyo?+
15 Mosebetsi o boima wa motho ya se nang kelello o etsa hore a kgathale. Ha a tsebe le hore na a tswe le hokae ha a ya motseng.
16 Ke ntho e mpe haholo bakeng sa naha ha morena e le moshanyana+ le dikgosana di qala ho keteka e sa le hoseng. 17 Ke ntho e monate bakeng sa naha ha morena e le mora wa bahlomphehi le dikgosana di ja ka nako e loketseng e le hore di fumane matla eseng hore di tahwe.+
18 Ha motho a le botswa haholo, marulelo a tla wa mme ka lebaka la ho se sebedise matsoho a hae ntlo e tla nela.+
19 Dijo di etseditswe ho re thabisa,* veine e natefisa bophelo+ empa tjhelete e ka etsa hore o be le ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang.+
20 O se ke wa rohaka morena esita le ka pelong ya hao*+ mme o se ke wa rohaka barui ka kamoreng ya hao etswe nonyana* e ka fetisa molaetsa* oo kapa phoofolo e nang le mapheo ya pheta seo o se buileng.