Mikea
3 Ke ile ka re: “Ke kopa le mamele, lona dihlooho tsa ditloholo tsa Jakobo
Le lona baetapele ba setjhaba sa Iseraele.+
Na ha se mosebetsi wa lona ho tseba hore na toka keng?
2 Le hloile dintho tse ntle+ empa le rata tse mpe.+
Le ebola batho ba ka letlalo ebile le tlosa nama masapong a bona.+
3 Le boetse le ja nama ya batho ba ka+
Ebile le ba ebola letlalo,
Le roba masapo a bona+ le ho a silakanya
Jwalo ka masapo le nama tse phehilweng ka pitseng.*
4 Ka nako eo, ba tla llela ho Jehova ba kopa thuso
Empa a ke ke a ba araba.
O tla ba furalla+
Ka lebaka la diketso tsa bona tse mpe.+
5 Jehova o re ho baprofeta ba kgelosang batho ba hae,+
Ba reng ‘Kgotso,’+ ha ba ena le seo ba ka se hlafunang+
Empa ha motho a sa ba fe seo ba ka se hlafunang, ba a mo lwantsha:
6 ‘Bosiu bo tla fihla+ empa le ke ke la ba le pono.+
Ho tla ba lefifi mme le ke ke la kgona ho sebedisa bonohe.
Letsatsi le tla dikella baprofeta,
Ho be lefifi motshehare bakeng sa bona.+
Kaofela ha bona ba tla ikwahela melomo*
Ka ha Modimo ha a ba arabe.’”
8 Ha e le nna, ke na le matla ka lebaka la moya wa Jehova.
O nthusa hore ke sebetse dintho ka toka ebile o mpha sebete
E le hore nka bolella Jakobo ka borabele ba hae le Iseraele ka sebe sa hae.
9 Ke kopa le mamele sena, lona dihlooho tsa ditloholo tsa Jakobo
Le lona baetapele ba setjhaba sa Iseraele,+
Ba hloileng toka le ba fetolang dintho tse ntle hore e be tse mpe,+
10 Ba hahang Sione ka ho bolaya batho le ba hahang Jerusalema ka ho etsa dintho tse sa lokang.+
11 Baetapele* ba hae ba batla ho fuwa tjotjo hore ba ahlole,+
Baprista ba hae ba batla tjhelete hore ba rute,+
Baprofeta ba hae bona ba sebedisa bonohe hore ba fumane tjhelete.*+
Le ha ho le jwalo, ba tshepile Jehova* ba re:
“Jehova o na le rona.+
Ha ho na tlokotsi e tla re hlahela.”+