Nahume
1 Ona ke molaetsa wa kahlolo ya Ninive:+ Ke buka e buang ka pono ya Nahume* wa Moelkoshe.
2 Jehova ke Modimo ya batlang hore ho rapelwe yena feela.+
Jehova o fa dira tsa hae kotlo.+
Ha a lebale diketso tsa tsona tse mpe hape o di tukela ka bohale.
Jehova o iphetetsa ho dira tsa hae.
Ha a tsamaya ho ba le moya le sefefo.
Maru a phahama jwalo ka ha eka ke lerole tlasa maoto a hae.+
Dijalo tsa Bashane le Karmele di ponne,+
Dithunthung tsa Lebanone le tsona di ponne.
Lefatshe le a reketla
Ha mmoho le bohle ba dulang ho lona.+
6 Ke mang ya ka tiisetsang kgalefo ya hae?+
Ke mang ya ka mamellang bohale ba hae?+
Kgalefo ya hae e tla tuka jwalo ka mollo,
Mafika a tla heleha ka lebaka la hae.
7 Jehova o molemo,+ ke setshabelo mohla letsatsi la mahlomola.+
O hlokomela* ba balehelang ho yena.+
8 O tla fedisa Ninive jwalo ka ha eka ke ka sekgohola,
Dira tsa hae a di lelekele lefifing.
9 Le tla lohela Jehova mano afe?
O tla le fedisetsa ruri.
A ke ke a hloka ho le pheta.+
10 Le hoja batho ba Ninive ba le jwalo ka dihlahla tse meutlwa tse teteaneng,
Ba bile ba tshwana le motho ya tahilweng ke biri,*
Ba tla tjha jwalo ka ditlhaka tse omeletseng.
11 Motho ya rerelang Jehova mano,
Ya fanang ka keletso e se nang thuso, o tla hlaha Ninive.
12 Jehova o re:
“Le hoja ba le matla ba bile ba le bangata,
Ba tla fediswa, ba fedisetswe ruri.*
Ke tla o* otla empa nke ke ka hlola ke o otla hape.
14 Jehova o laetse tjena ka Asiria:
‘O ke ke wa hlola o eba le ditloholo.
Ke tla thuha diemahale tsa hao tse entsweng ka lepolanka le ka tshepe ntlong* ya medimo ya hao.
Ke tla o tjhekela lebitla hobane ha o na thuso.’
Keteka mekete ya hao+ wena Juda, o phethe boitlamo ba hao
Hobane batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba le hlasela hape.
Ba tla timetswa.”