Kosepele ya Mareka
2 Ka mora matsatsi a itseng, Jesu a boela a ya Kapernauma mme batho ba utlwela hore o teng lapeng.+ 2 Ka hoo, ba kena ka tlung ba le bangata hoo ho neng ho se ho se na sebaka esita le monyako. A qala ho ba bolella lentswe.+ 3 Yaba ba mo tlisetsa motho ya shweleng ditho a kakasitswe ke banna ba bane.+ 4 Empa ba ne ba sa kgone ho mo tlisa ho Jesu hobane batho ba ne ba le bangata haholo. Ka hoo, ba tlosa marulelo yaba ba theola lempara leo motho ya shweleng ditho a neng a robetse ho lona. 5 Ha a bona ka moo ba nang le tumelo ka teng,+ a re ho motho ya shweleng ditho: “Ngwaneso,* o tshwaretswe dibe.”+ 6 Ba bang ba bangodi ba ne ba dutse moo ba ntse ba re ka dipelong:+ 7 “Ke hobaneng ha monna eo a bua tjee? O tella Modimo. Ke mang ya ka tshwarelang dibe haese Modimo?”+ 8 Empa hanghang Jesu a tseba* hore ba nahana jwalo yaba o re ho bona: “Ke hobaneng ha le nahana dintho tse jwalo?+ 9 Ke hofe ho bonolo? Na ke ho re ho motho ya shweleng ditho: ‘O tshwaretswe dibe’ kapa ke ho re: ‘Ema o nke lempara la hao o tsamaye’? 10 Empa e le hore le tsebe hore Mora motho+ o na le matla a ho tshwarela dibe lefatsheng . . .”+ A re ho motho ya shweleng ditho: 11 “Ke re ho wena, ema o nke lempara la hao o ye hae.” 12 A ema yaba hanghang o nka lempara la hae o tsamaya ba ntse ba mo shebile. Kaofela ba hlollwa mme ba tlotlisa Modimo ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena haesale.”+
13 Jesu a boela a tswa a ya lebopong la lewatle. Letshwele la tla ho yena mme a le ruta. 14 Yare ha a ntse a tsamaya a bona Levi mora wa Alfiase a dutse ofising ya lekgetho. A re ho yena: “Eba molatedi wa ka.” A ema a mo latela.+ 15 Ha Jesu a ne a dutse tafoleng ha Levi, babokelli ba lekgetho le baetsadibe ba bangata ba tla mme ba dula le yena le barutuwa ba hae yaba ba bangata e eba balatedi ba hae.+ 16 Empa ha bangodi ba Bafarisi ba bona hore o ne a ja le baetsadibe le babokelli ba lekgetho, ba re ho barutuwa ba hae: “Ke hobaneng ha a ja le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?” 17 Ha Jesu a utlwa hore na ba reng a re ho bona: “Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang ba a e hloka. Ke tletse ho bitsa baetsadibe eseng batho ba lokileng.”+
18 Bafarisi le barutuwa ba Johanne ba ne ba tlwaetse ho itima dijo. Ka hoo, ba tla mme ba re ho yena: “Ke hobaneng ha barutuwa ba hao ba sa itime dijo empa barutuwa ba Johanne le Bafarisi ba tlwaetse ho itima dijo?”+ 19 Yaba Jesu o re ho bona: “Na metswalle ya monyadi+ e na le lebaka la ho itima dijo ha monyadi a ntse a ena le yona? Ha feela monyadi a ntse a le teng e ke ke ya itima dijo. 20 Empa ho na le nako eo monyadi a tla tloswa ho metswalle ya hae,+ jwale ke hona e tla itima dijo. 21 Ha ho motho ya ka rokellang lesela le letjha leseleng la kgale hobane haeba a ka etsa jwalo, lesela le letjha le tla rutla la kgale ebe la kgale le taboha le ho feta.+ 22 Hape, ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha ka makukeng* a kgale a veine. Haeba a etsa jwalo, veine e tla phatlola makuka ao ebe yona ha mmoho le makuka di a senyeha. Empa veine e ntjha e tshelwa ka makukeng a veine a matjha.”
23 Ha a feta hara masimo a koro* ka Sabatha, barutuwa ba hae ba kga koro.+ 24 Ka hoo, Bafarisi ba re ho yena: “Bona, ke hobaneng ha ba etsa ntho eo ba sa lokelang ho e etsa ka Sabatha?” 25 Jesu a re ho bona: “Na ha le a ka la bala hore na Davida o ile a etsang ha yena le banna ba neng ba ena le yena ba lapile?+ 26 Tlaleho e buang ka moprista e moholo Abiathare+ e re Davida o ile a kena ka tlung ya Modimo, a ja bohobe bo halalelang* boo ho sa dumellweng ke molao hore motho le ha e le mang a bo je haese baprista.+ A bo fa le banna ba neng ba ena le yena.” 27 Ka hoo, a re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la Sabatha. 28 Ka hoo, Mora motho ke Morena esita le wa yona Sabatha.”+