Jobo
26 Jobo a re:
4 O leka ho bua le mang,
Ke mang ya o susumeditseng hore o bue dintho tseo?
5 Ba shweleng ha ba na matla mme ba a thothomela ka pela Modimo,
Ba tlase le ho feta metsi le dibopuwa tse dulang ho ona.
6 Ha ho letho le Lebitleng* leo Modimo a sa le boneng+
Ebile o bona ntho e nngwe le e nngwe e ka sekoting sa timetso.*
8 O phuthela metsi ka maru a hae,
Ka tsela e tla etsa hore maru a se ke a phatloha ka lebaka la boima ba metsi.+
11 Le dipilara tsa lehodimo di a thothomela,
Di tshoswa ke kgalefo ya hae.
12 O fuduha lewatle ka matla a hae,+
Ka lebaka la kutlwisiso ya hae o roba phoofolo e kgolohadi ya lewatle* dikotwana.+
13 O hlwekisa sepakapaka ka moya oo a o hemang,
O hlaba noha e thellang.