Esaia
13 Ena ke kahlolo e tobisitsweng ho Babilona+ eo Esaia+ mora wa Amoze a e boneng ponong:
2 “Phahamisang letshwao*+ hodima mafika.
Ba bitseng, fokang matsoho
Hore ba kene menyako ya bahlomphehi.
3 Ke laetse bao ke ba kgethileng.*+
Ke bitsitse masole a ka hore ke ntshe bohale ba ka ka ona,
Masole a ka a thabileng, a motlotlo.
4 Utlwang! Ho na le letshwele dithabeng,
Ho utlwahala lerata la batho ba bangata.
Utlwang! Ho na le moferefere wa mebuso
Le wa ditjhaba tse bokaneng.+
Jehova wa mabotho o kgobokanya lebotho bakeng sa ntwa.+
5 Jehova o tla le dibetsa tsa bohale ba hae
Ho tswa naheng e hole,+
Pheletsong ya mahodimo,
Ho tla timetsa lefatshe lohle.+
6 Bokollang ka ha letsatsi la Jehova le haufi.
Le tla tla jwalo ka timetso e hlahang ho Ya Matla Ohle.+
Ba tsitsipane ebile ba a opelwa
Jwalo ka mosadi ya bohlokong ba pelehi.
Ba shebana ba tshohile.
Difahleho tsa bona di hloname.
9 Letsatsi la Jehova le a tla,
Le tla ka sehloho, ka kgalefo le ka bohale bo tukang
E le ho etsa hore naha e be ntho e tshosang+
Le ho fedisa baetsadibe ba naha eo.
Letsatsi le tla fifala ha le hlaha,
Le kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.
Ke tla fedisa boikakaso ba ba iketelletsang pele,
Ke kokobetse boikgohomoso ba bahatelli.+
12 Ke tla etsa hore motho a sokolehe ho feta kgauta e hlwekisitsweng,+
Le batho ba sokolehe ho feta kgauta ya Ofire.+
13 Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore lehodimo le thothomele
Mme lefatshe le tla reketla le tlohe madulong a lona+
Ka lebaka la kgalefo ya Jehova wa mabotho letsatsing la bohale ba hae bo tukang.
14 Jwalo ka tshephe e tsongwang le jwalo ka mohlape oo ho se nang motho ya o bokellang,
E mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo.
E mong le e mong o tla balehela naheng ya habo.+
16 Bana ba bona ba tla robokellwa ka pela mahlo a bona.+
Thepa e ka matlung a bona e tla nkwa ka mahahapa
Le basadi ba bona ba tla betwa.
18 Diqha tsa bona di tla robakanya bahlankana.+
Ba ke ke ba hauhela bana
Kapa ba ba utlwela bohloko.
E tla tshwana le Sodoma le Gomora ha Modimo a ne a di fedisa.+
Moarabia a ke ke a hloma tente ya hae moo
Le badisa ba ke ke ba bothisa mehlape ya bona moo.
21 Diphoofolo tsa lehwatata di tla robala teng.
Matlo a tla tlala diphooko.
22 Diphoofolo di tla lla* di le ditoreng tsa yona,
Diphokojwe di hlabe moolo di le matlong a yona a borena a matle.
Nako ya yona e haufi mme matsatsi a yona a ke ke a eketswa.”+