Esaia
62 Ka lebaka la Sione nke ke ka thola,+
Ka lebaka la Jerusalema nke ke ka tsitsa
Ho fihlela ho loka ha hae ho kganya jwalo ka kganya e bohale+
Le poloko ya hae e tuka jwalo ka serumula.+
3 O tla ba korone ya botle letsohong la Jehova,
O be tuku ya borena letsohong la Modimo wa hao.
4 Ha o sa tla hlola o bitswa mosadi ya lahlilweng+
Ebile ha ho sa tla hlola ho thwe naha ya hao ha e na baahi.+
Empa o tla bitswa Thabo ya ka e ho Yena,+
Naha ya hao e bitswe Mosadi ya Nyetsweng.
Jehova o tla thabiswa ke wena,
Naha ya hao e tla ba jwalo ka mosadi ya nyetsweng.
5 Feela jwalo ka ha mohlankana a nyala morwetsana,
Baahi ba naha ba tla o nyala.
Modimo wa hao o tla o thabela
Ka tsela eo monyadi a thabelang monyaduwa.+
6 Wena Jerusalema, ke behile balebedi marakong a hao.
Ba lokela ho dula ba kgutsitse letshehare lohle le bosiu bohle.
Lona ba buang ka Jehova,
Le se ke la phomola.
7 Le se ke la kgaotsa ho mo rapela ho fihlela a tiisa Jerusalema ka thata,
Ho fihlela a etsa hore batho ba mo rorise lefatsheng lohle.”+
8 Jehova o hlapantse ka letsoho la hae le letona, ka letsoho la hae le matla a re:
“Ha ke sa tla hlola ke fa dira dijo* tsa hao
Hape baditjhaba ba ke ke ba nwa veine ya hao e ntjha, eo o e sehletseng.+
9 Empa ba bokellang dijo ba tla di ja mme ba rorise Jehova,
Ba bokellang veine ba tla e nwella mabaleng a ka a halalelang.”+
10 Tswang, tswang dikeiting.
Hlekang tsela bakeng sa batho.+
Etsang tsela, etsang tsela e kgolo.
Tlosang majwe ho yona.+
Phahamisang letshwao* bakeng sa ditjhaba.+
11 Jehova o phatlaladitse ho ya fihla dikgutlong tsa lefatshe a re:
“Ereng ho moradi wa Sione,
‘Poloko ya hao e a tla.+
Moputso wa hae o ho yena.
Moputso oo a o lefang o ka pela hae.’”+