Esaia
61 Moya wa Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o hodima ka+
Hobane Jehova o nkgethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ ditaba tse monate.
O nthometse hore ke tlamise dipelo tsa ba utlwileng bohloko,
Ke phatlalatse tokoloho ho batshwaruwa
Le ho tutubolla mahlo a batshwaruwa,+
2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*
Le letsatsi la phetetso la Modimo wa rona,+
Ho tshedisa bohle ba utlwileng bohloko,+
3 Ho hlokomela ba utlwileng bohloko ka lebaka la Sione,
Ho ba fa tuku ho ena le molora,
Ho ba fa oli hore ba thabe ho ena le ho utlwa bohloko,
Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho ena le ho wa moya.
Ba tla haha botjha metse e ripitlilweng,+
Dibaka tse setseng e le dithako ho tloha molokong o mong ho ya ho o mong.+
5 “Batho bao le sa ba tsebeng ba tla tla ba dise mehlape ya lona,
Baditjhaba+ e tla ba dihwai tsa lona le balemi ba lona ba morara.+
7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi ho ena le ho hlajwa ke dihlong,
Le tla hweletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ya lona ho ena le ho tlotloloha.
Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habedi naheng ya bona.+
Ba tla thaba ka ho sa feleng.+
Ke hloile boshodu le dintho tse sa lokang.+
Ke tla ba fa moputso wa bona ka botshepehi,
Ke etse selekane se sa feleng le bona.+
10 Ke tla thaba haholo ka lebaka la Jehova.
Ke* tla thaba ka pelo yohle ka lebaka la Modimo wa ka.+
O nkapesitse diaparo tsa poloko.+