Dipesaleme
Ho motsamaisi. Pesaleme ya Davida.
Jwale ke hobaneng ha le re ho nna:
“Balehela thabeng ya hao jwalo ka nonyana?
2 Bona ka moo ba kgopo ba kobang seqha ka teng.
Ba lokisa metsu ya bona kgweleng ya seqha
Hore ha ba le lefifing ba betse ba dipelo di ntle.
4 Jehova o tempeleng ya hae e halalelang.+
Terone ya Jehova e lehodimong.+
Mahlo a hae a a bona, mahlo a hae a dulang a shebile a hlahloba bara ba batho.+
6 O tla nesetsa ba kgopo mahlomola.*
Mollo, sebabole+ le moya o tjhesang e tla ba karolo ya seo ba lokelang ho se nwa.