Dipesaleme
Pesaleme ya Davida. Pina.
101 Ke tla bina pina e buang ka lerato le toka.
Jehova, ke tla o binela* dipina tsa thoriso.
2 Ke etse dintho ka bohlale mme ke tshepahale.*
O tla nthusa neng?
Ke tla o tshepahalla+ le ha ke dutse ka tlung ya ka.
3 Nke ke ka sheba dintho tse se nang thuso.*
Ke hloile diketso tsa batho ba etsang dintho tse mpe.+
Ke tla tsamaella hole le bona.*
4 Ha ke utlwane le batho ba bolotsana.
Nke ke ka etsa dintho tse mpe.
Nke ke ka mamella mang kapa mang ya ikgohomosang le ya ikgantshang.
6 Ke tla amohela batho ba tshepahalang lefatsheng,
E le hore ba dule le nna.
Ya se nang molato* o tla ntshebeletsa.
7 Ha ho na motho ya leshano ya tla dula ka tlung ya ka.
Ya leshano a ke ke a ema ka pela ka.*