LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 30
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Egepeta (1-19)

        • Boprofeta bo buang ka hore Nebukadnezare o tla hlasela (10)

      • Matla a Faro a a fela (20-26)

Ezekiele 30:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “e le nako e behilweng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 32:7
  • +Pes. 110:6

Ezekiele 30:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 32:11, 12

Ezekiele 30:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Mohlomong ho buuwa ka Baiseraele ba neng ba entse selekane le Baegepeta.

Mangolo a Dithupiso

  • +Sof 2:12
  • +Nah 3:8, 9

Ezekiele 30:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 30:18
  • +Jer 44:1
  • +Eze 29:10

Ezekiele 30:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 46:19; Eze 29:12; 32:18

Ezekiele 30:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:19; 32:11

Ezekiele 30:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Hab 1:6
  • +Eze 29:5

Ezekiele 30:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “melatswana.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:3
  • +Eze 31:12

Ezekiele 30:13

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.

  • *

    Kapa: “Memfise.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 43:12; 46:14
  • +Jer 46:5

Ezekiele 30:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Thebese.

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 10:13, 14; Jer 44:1
  • +Jer 46:25

Ezekiele 30:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Thebese.

  • *

    Kapa: “Memfise.”

Ezekiele 30:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Heliopolise.

Ezekiele 30:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 30:8
  • +Jer 46:20; Eze 31:18
  • +Jer 46:19

Ezekiele 30:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 46:25; Eze 29:3
  • +2Ma 24:7; Jer 46:2
  • +Jer 46:21

Ezekiele 30:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:12

Ezekiele 30:24

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng ka pela morena wa Babilona.

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 27:6
  • +Eze 32:11, 12

Ezekiele 30:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:19, 20

Ezekiele 30:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:12

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 30:3Eze 32:7
Ezek. 30:3Pes. 110:6
Ezek. 30:4Eze 32:11, 12
Ezek. 30:5Sof 2:12
Ezek. 30:5Nah 3:8, 9
Ezek. 30:6Eze 30:18
Ezek. 30:6Jer 44:1
Ezek. 30:6Eze 29:10
Ezek. 30:7Jer 46:19; Eze 29:12; 32:18
Ezek. 30:10Eze 29:19; 32:11
Ezek. 30:11Hab 1:6
Ezek. 30:11Eze 29:5
Ezek. 30:12Eze 29:3
Ezek. 30:12Eze 31:12
Ezek. 30:13Jer 43:12; 46:14
Ezek. 30:13Jer 46:5
Ezek. 30:14Ge 10:13, 14; Jer 44:1
Ezek. 30:14Jer 46:25
Ezek. 30:18Eze 30:8
Ezek. 30:18Jer 46:20; Eze 31:18
Ezek. 30:18Jer 46:19
Ezek. 30:22Jer 46:25; Eze 29:3
Ezek. 30:222Ma 24:7; Jer 46:2
Ezek. 30:22Jer 46:21
Ezek. 30:23Eze 29:12
Ezek. 30:24Jer 27:6
Ezek. 30:24Eze 32:11, 12
Ezek. 30:25Eze 29:19, 20
Ezek. 30:26Eze 29:12
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 30:1-26

Ezekiele

30 Jehova a boela a bua le nna a re: 2 “Mora motho, profeta o re Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

‘Llang le hweletse le re “Letsatsi le a tla!”

 3 Letsatsi la Jehova le atametse, le haufi.

Letsatsing leo, ho tla ba le maru a matsho,+ e tla be e le nako ya hore ditjhaba di ahlolwe.*+

 4 Baegepeta ba tla bolawa ka sabole mme Baethiopia ba tla tshoha haholo ha ba bona Baegepeta ba bolawa.

Maruo a yona a tla nkwa ebe e fediswa ha mmoho le motheo wa yona.+

 5 Ethiopia,+ Pute,+ Lude le batho ba ditjhaba tse ding*

Ba tla bolawa ka sabole

Ha mmoho le Kube le batho ba naha ya selekane.’”

 6 Jehova o re:

‘Batho ba tshehetsang Egepeta le bona ba tla bolawa,

Ha e sa tla hlola e ikgohomosa ka lebaka la matla a yona hobane a tla fediswa.’+

‘Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole ho tloha Migdole+ ho ya fihla Siene,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 7 E tla ba naha e se nang letho ebile metse ya yona e ke ke ya eba le baahi.+ 8 Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke tjhesa Egepeta ebile ke fedisa bohle ba e tshehetsang. 9 Ka letsatsi leo, ke tla roma baromuwa ka dikepe hore ba tshose Baethiopia ba itshepileng ho feta tekano. Ba tla tshoha haholo ha letsatsi la hore Egepeta e ahlolwe le fihla hobane jwang kapa jwang le tla fihla.’

10 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla etsa hore Morena Nebukadnezare* wa Babilona+ a bolaye mabotho a Egepeta. 11 Nebukadnezare le masole a hae a sehloho ka ho fetisisa+ ba tla fedisa naha. Ba bolaye Baegepeta ka disabole mme naha e tlale ditopo.+ 12 Ke tla etsa hore dinokana* tsa Nile+ di omelle ke be ke rekisetse batho ba kgopo naha. Ke tla etsa hore baditjhaba ba nke ntho e nngwe le e nngwe e naheng eo, e sale e se na letho.+ Nna Jehova ke buile.’

13 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla boela ke fedise le ditshwantsho tse rapelwang tse nyonyehang* le medimo e se nang thuso ya Nofe.*+ Ho ke ke ha hlola ho eba le kgosana naheng ya Egepeta ebile ke tla etsa hore naha eo e tshohe.+ 14 Ke tla fedisa motse wa Pathrose,+ ke tjhese motse wa Zowane ke be ke ahlole motse wa No.*+ 15 Ke tla halefela motse wa Sine e leng motse o sireletsehileng wa Egepeta ke be ke fedise baahi ba motse wa No. 16 Ke tla tjhesa Egepeta. Ke tla tshosa motse wa Sine mme motse wa No* o tla hapuwa le wa Nofe* o hlaselwe motshehare. 17 Bahlankana ba motse wa One* le wa Pibesethe ba tla bolawa ka sabole le batho ba metse eo ba iswe botlamuweng. 18 Letsatsi le tla fifala Takpanese ha ke roba dijoko tsa Egepeta moo.+ Matla a yona a etsang hore e ikgohomose a tla fela.+ Maru a tla e kwahela le batho ba dulang metseng ya yona ba iswe botlamuweng.+ 19 Ke tla ahlola Baegepeta mme ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”

20 Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele ka selemo sa bo11, Jehova a bua le nna a re: 21 “Mora motho, ke robile letsoho la Faro morena wa Egepeta. Le ke ke la tlangwa hore le fole kapa la tlangwa ka lesela le tlamisang e le hore le kgone ho tshwara sabole.”

22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke ahlola Faro morena wa Egepeta,+ ke tla mo roba matsoho, ke tla roba le ntseng le le hantle le le robehileng+ ebile a ke ke a kgona ho tshwara sabole.+ 23 Ka mora moo, ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke be ke ba qhalakanye hara dinaha.+ 24 Ke tla matlafatsa matsoho a morena wa Babilona+ mme ke mo fe sabole ya ka.+ Ke tla roba matsoho a Faro, o tla lla a hweletse jwalo ka motho ya shwang ka pela hae.* 25 Ke tla matlafatsa matsoho a morena wa Babilona empa matsoho a Faro a tla holofala. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke fa morena wa Babilona sabole ya ka, o tla e sebedisa ho bolaya batho ba naha ya Egepeta.+ 26 Ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke be ke ba qhalakanye hara dinaha.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share