LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 32
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Pina ya kodiyamalla e binelwang Faro le Egepeta (1-16)

      • Egepeta e tla patwa le batho ba sa bollang (17-32)

Ezekiele 32:2

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”

  • *

    Ka Seheberu: “dinokeng tsa bona.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 51:9, 10; Eze 29:3

Ezekiele 32:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:5

Ezekiele 32:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 31:12

Ezekiele 32:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Dikotopo di tla tlala madi a hao.”

Ezekiele 32:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 13:1, 10

Ezekiele 32:9

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:12; 30:26

Ezekiele 32:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 43:10, 11; 46:25, 26; Eze 30:24

Ezekiele 32:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 30:10, 11; Hab 1:6
  • +Eze 29:19

Ezekiele 32:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 30:12
  • +Eze 29:8, 11

Ezekiele 32:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 107:33, 34; Eze 29:12
  • +Eze 30:26

Ezekiele 32:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”

Ezekiele 32:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 29:8

Ezekiele 32:21

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ezekiele 32:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 37:36; Zak 10:11

Ezekiele 32:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 10:22; Jer 49:34, 35

Ezekiele 32:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 10:2; Eze 38:2

Ezekiele 32:27

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

  • *

    Mohlomong ho buuwa ka masole a patilweng le disabole tsa ona e le ho a hlompha.

Ezekiele 32:29

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 25:30; Esa 34:5; Eze 25:12, 13; AMOSE 1:11; Mal 1:4
  • +Jer 9:25, 26

Ezekiele 32:30

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Baetapele.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 10:15; Eze 28:21

Ezekiele 32:31

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 31:16

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 32:2Esa 51:9, 10; Eze 29:3
Ezek. 32:4Eze 29:5
Ezek. 32:5Eze 31:12
Ezek. 32:7Esa 13:1, 10
Ezek. 32:9Eze 29:12; 30:26
Ezek. 32:11Jer 43:10, 11; 46:25, 26; Eze 30:24
Ezek. 32:12Eze 30:10, 11; Hab 1:6
Ezek. 32:12Eze 29:19
Ezek. 32:13Eze 30:12
Ezek. 32:13Eze 29:8, 11
Ezek. 32:15Pes. 107:33, 34; Eze 29:12
Ezek. 32:15Eze 30:26
Ezek. 32:20Eze 29:8
Ezek. 32:22Esa 37:36; Zak 10:11
Ezek. 32:24Ge 10:22; Jer 49:34, 35
Ezek. 32:26Ge 10:2; Eze 38:2
Ezek. 32:29Ge 25:30; Esa 34:5; Eze 25:12, 13; AMOSE 1:11; Mal 1:4
Ezek. 32:29Jer 9:25, 26
Ezek. 32:30Ge 10:15; Eze 28:21
Ezek. 32:31Eze 31:16
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 32:1-32

Ezekiele

32 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bo12, ka selemo sa bo12, Jehova a bua le nna hape a re: 2 “Mora motho, binela Faro morena wa Egepeta kodiyamalla* o re,

‘O ne o tshwana le tawana e matla hara ditjhaba

Empa ho ile ha etswa hore o thole.

O ne o tshwana le phoofolo e kgolohadi ya lewatle,+ o hasa metsi hohle dinokeng tsa hao,

O ile wa silafatsa metsi ka maoto a hao wa ba wa bapalla dinokeng.’*

 3 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

‘Ke tla etsa hore ditjhaba tse ngata di o kwahele ka letlowa la ka,

Di tla o hulela ka hara letlowa la ka le tshwasang ditlhapi.

 4 Ke tla o lahlela naheng.

Ke o siye naheng e se nang letho.

Ke tla etsa hore dinonyana tsohle di dule hodima hao,

Ke be ke etse hore dibata tsohle tsa lefatshe di o je di be di kgore.+

 5 Ke tla lahlela nama ya hao dithabeng

Ke be ke tlatse dikgohlo ka e setseng.+

 6 Ke tla kolobisa lefatshe ka madi a hao ho fihlela hodimo dithabeng,

A tla tlala le melatswaneng.’*

 7 ‘Ha ke o fedisa, ke tla kwahela mahodimo ke be ke etse hore dinaledi tsa ona di be lefifi.

Ke tla kwahela letsatsi ka maru

Le kgwedi e ke ke ya kganya.+

 8 Ke tla fifatsa mehlodi yohle ya lesedi mahodimong ka lebaka la hao

Hape ke tla kwahela naha ya hao ka lefifi,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

 9 ‘Ke tla utlwisa batho ba bangata bohloko ha ke isa batshwaruwa ba hao ditjhabeng tse ding,

Dinaheng tseo o sa di tsebeng.+

10 Ke tla etsa hore ditjhaba tse ngata di tshohe haholo

Le marena a tsona a thothomele ke tshabo ha ke o bolaya ka sabole ka pela ona.

Letsatsing leo ke o fedisang ka lona, ditjhaba di tla dula di tshohile,

Motho e mong le e mong a tshohetse bophelo ba hae.’

11 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:

‘Morena wa Babilona o tla o bolaya ka sabole.+

12 Ke tla etsa hore setjhaba sa hao se bolawe ka disabole ke masole a matla,

A kgopo ka ho fetisisa ditjhabeng tsohle.+

A tla fedisa boikgohomoso ba Egepeta a be a fedise le setjhaba sohle sa yona.+

13 Ke tla fedisa diphoofolo tsohle tsa yona tse pela metsi a mangata,+

Ha ho na leoto la motho kapa la phoofolo le tla a silafatsa hape.’+

14 ‘Ka nako eo, ke tla hlwekisa metsi a yona,

Ke etse hore dinoka tsa yona di phalle jwalo ka oli,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

15 ‘Ha ke tlosa ntho e nngwe le e nngwe e Egepeta, ke etsa hore naha e sale e se na letho+

Ebile ke fedisa baahi bohle ba yona,

Ba tla tseba hore ke nna Jehova.+

16 Ena ke kodiyamalla* mme batho ba tla e bina.

Baradi ba ditjhaba ba tla e bina.

Ba tla e binela naha ya Egepeta le setjhaba sohle sa yona,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

17 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ka selemo sa bo12, Jehova o ile a boela a re ho nna: 18 “Mora motho, llela setjhaba sa Egepeta o se bolelle hore sona le batho ba ditjhaba tse ding tse matla, ba tla theolelwa lebitleng ha mmoho le batho bohle ba shweleng.

19 ‘O nahana hore o feta mang ka botle? Tsamaya o yo robala lebitleng le batho ba sa bollang.’

20 ‘Ba tla shwella hara batho ba bolailweng ka sabole.+ O bolailwe ka sabole, mo huleleng hole ha mmoho le setjhaba sohle sa hae.

21 Masole a matla a tla bua le yena le bathusi ba hae ka tlase Lebitleng.* Ba tla robala lebitleng jwalo ka batho ba sa bollang ba bolailweng ka sabole. 22 Asiria le yona e moo le setjhaba sohle sa yona. E potapotilwe ke mabitla a batho ba yona ba bolailweng ka sabole.+ 23 Mabitla a Asiria a sekoting se tebileng le batho bohle ba yona ba bolailweng ka sabole, ba potapotile lebitla la yona hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tshosa batho.

24 Naha ya Elame+ le batho bohle ba yona ba bolailweng ka sabole ba potapotile lebitla la Asiria. Ba ile ba theohela lebitleng ba sa bolla mme ha ba ntse ba phela, ba ne ba tshosa batho. Empa jwale ba tla hlajwa ke dihlong ha mmoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. 25 Ba etseditse naha ya Elame bethe hara batho ba bolailweng mme batho bohle ba yona ba potolohile mabitla a yona. Batho bohle ba bolailweng ka sabole ha ba a bolla. Ba bolailwe ka sabole hobane ba ne ba tshosa batho ha ba ne ba ntse ba phela. Ba tla hlajwa ke dihlong ha mmoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. Naha ya Elame e behilwe le batho ba bolailweng.

26 Mesheke le Tubale+ le tsona di moo ha mmoho le ditjhaba tsohle tsa tsona. Mabitla a tsona a e potolohile. Batho ba ditjhaba tseo kaofela ba ne ba sa bolla mme ba bolailwe ka sabole hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tshosa batho. 27 Ba tla robala le masole a matla a sa bollang a ileng a bolawa, a theoletsweng Lebitleng* le dibetsa tsa ona tsa ntwa. Disabole tsa masole ao di tla behwa tlasa dihlooho tsa ona* le dibe tsa ona di behwe masapong a ona hobane ha a ntse a phela, a ile a tshosa batho. 28 Empa wena o tla fediswa le batho ba sa bollang mme o robale le batho ba bolailweng ka sabole.

29 Edomo+ e moo le marena le dikgosana tsohle tsa yona, bao le hoja ba neng ba le matla ba ileng ba robatswa le batho ba bolailweng ka sabole. Le bona ba tla patwa ka lebitleng le batho ba sa bollang+ le ba bolailweng.

30 Dikgosana* tsohle tsa leboya le Basidone+ bohle ba moo. Le hoja ba ne ba le matla ebile ba tshosa batho, ba ile ba theolelwa lebitleng ba swabile le batho ba bolailweng. Ba tla patwa ba sa bolla ha mmoho le batho ba bolailweng ka sabole ebile ba tla tlotloloha ha ba patwa le batho ba shweleng.

31 Ha Faro a bona dintho tsena tsohle, o tla tshediseha ka se etsahalletseng setjhaba sa hae.+ Faro o tla bolawa ka sabole ha mmoho le masole ohle a hae,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

32 ‘Faro le ditjhaba tsohle tsa hae ba tla bolawa ha mmoho le batho ba sa bollang ba bolailweng ka sabole hobane ba ne ba tshosa batho,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share