LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 26
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ya Tire (1-21)

        • “Sebaka seo ho anehelwang matlowa ho sona” (5, 14)

        • Majwe le mobu di lahlelwa ka metsing (12)

Ezekiele 26:2

Mangolo a Dithupiso

  • +JOELE 3:4-6; AMOSE 1:9
  • +Dil 1:1

Ezekiele 26:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 23:11; AMOSE 1:10; Zak 9:4

Ezekiele 26:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:32

Ezekiele 26:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.

  • *

    Ka Seheberu: “batho ba bangata.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 25:9; Eze 29:18
  • +Dan 2:37
  • +Hab 1:8
  • +Jer 4:13

Ezekiele 26:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “motjhini o hlaselang.”

  • *

    Kapa: “disabole.”

Ezekiele 26:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 5:28; Hab 1:8

Ezekiele 26:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:32, 33; 28:5, 18; Zak 9:3

Ezekiele 26:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 23:16

Ezekiele 26:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 26:4, 5

Ezekiele 26:15

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “batho ba bolailweng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:28

Ezekiele 26:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “diaparo tse se nang matsoho.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:35; 32:10

Ezekiele 26:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:32
  • +AMOSE 1:9, 10
  • +Eze 28:2

Ezekiele 26:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 23:5

Ezekiele 26:19

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:34

Ezekiele 26:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “sekoting.”

  • *

    Kapa: “kgabisa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 28:8

Ezekiele 26:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 27:36

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 26:2JOELE 3:4-6; AMOSE 1:9
Ezek. 26:2Dil 1:1
Ezek. 26:4Esa 23:11; AMOSE 1:10; Zak 9:4
Ezek. 26:5Eze 27:32
Ezek. 26:7Jer 25:9; Eze 29:18
Ezek. 26:7Dan 2:37
Ezek. 26:7Hab 1:8
Ezek. 26:7Jer 4:13
Ezek. 26:11Esa 5:28; Hab 1:8
Ezek. 26:12Eze 27:32, 33; 28:5, 18; Zak 9:3
Ezek. 26:13Esa 23:16
Ezek. 26:14Eze 26:4, 5
Ezek. 26:15Eze 27:28
Ezek. 26:16Eze 27:35; 32:10
Ezek. 26:17Eze 27:32
Ezek. 26:17AMOSE 1:9, 10
Ezek. 26:17Eze 28:2
Ezek. 26:18Esa 23:5
Ezek. 26:19Eze 27:34
Ezek. 26:20Eze 28:8
Ezek. 26:21Eze 27:36
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 26:1-21

Ezekiele

26 Ka letsatsi la pele la kgwedi, ka selemo sa bo11, Jehova a bua le nna a re: 2 “Mora motho, Tire e ile ya re ka Jerusalema,+ ‘Eke! Keiti ya ditjhaba e robehile.+ Dintho tsohle e tla ba tsa ka mme ke tla ba morui hobane e fedisitswe.’ 3 Ka lebaka leo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Wena Tire, ke tla o ahlola ke etse hore ditjhaba tse ngata di o lwantshe feela jwalo ka ha lewatle le nyolla maqhubu a lona. 4 Di tla diha mabota le ditora tsa hao.+ Ke tla tlosa mobu o ho wena, o be jwalo ka lefika le benyang. 5 O tla fetoha sebaka seo ho anehelwang matlowa ho sona hara lewatle.’+

Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke boletse hore Tire e tla hapuwa ke ditjhaba tse ding. 6 Batho ba dulang metseng ya yona e ka thoko ba tla bolawa ka sabole ebile setjhaba se tla tseba hore ke nna Jehova.’

7 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke romela Morena Nebukadnezare* wa Babilona hore a hlasele Tire ho tloha ka leboya.+ Ke morena wa marena+ ya nang le dipere,+ dikariki tsa ntwa,+ banna ba palamang dipere le masole a mangata.* 8 O tla fedisa metse ya hao e ka thoko ka sabole, a hahe lerako le qubu tse thibellang a be a hahe lebota le sireletsang ka dithebe tse kgolo. 9 O tla diha marako a hao ka dibetsa tse dihang marako,* a dihe ditora tsa hao ka dilepe.* 10 Dipere tsa hae di tla ba ngata hoo di tla kwahela motse wohle wa hao ka lerole. Modumo wa banna ba palameng dipere le wa mabidi a dikariki tsa ntwa o tla etsa hore mabota a hao a thothomele ha morena eo a kena dikeiting tsa hao. Ho tla ba jwalo ka ha banna ba kena motseng oo marako a wona a weleng. 11 Ditlhako tsa dipere tsa hae di tla hatakela diterata tsohle tsa hao,+ a bolaye setjhaba sa hao ka sabole le dipilara tsa hao tse kgolo di tla pshatleha. 12 Ba tla utswa maruo a hao le dintho tsa hao tse rekiswang,+ ba dihe mabota a hao le matlo a hao a matle. Ba tla lahlela majwe a hao, dintho tsa hao tse entsweng ka patsi le mobu wa hao ka metsing.

13 Ke tla fedisa modumo wa dipina tsa hao le diharepa tsa hao di ke ke tsa hlola di utluwa.+ 14 Ke tla o etsa lefika le benyang le sebaka seo ho anehwang matlowa ho sona.+ O ke ke wa hlola o hahwa hape hobane ke nna Jehova ya buileng,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

15 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re ho Tire: ‘Na dihlekehleke di ke ke tsa thothomela ha di utlwa o dihuwa, di utlwa ha batho ba makgatheng a lefu* ba lla le batho ba bolawa motseng wa hao?+ 16 Dikgosana tsohle tsa lewatle di tla theoha diteroneng tsa tsona, di hlobole diaparo tsa tsona tse telele,* di tabole diaparo tsa tsona tse kgabisitsweng mme di thothomele ke tshabo. Di tla dula fatshe di thothomela di sa kgaotse ebile di o makaletse.+ 17 Di tla o binela kodiyamalla*+ di re:

“Ho fedile ka wena,+ wena ya neng a hahile mawatleng, wena motse o neng o roriswa.

Wena le baahi ba hao le ne le le matla lewatleng,+

Le tshosa batho bohle lefatsheng.

18 Dihlekehleke di tla thothomela letsatsing leo o fediswang ka lona.

Dihlekehleke tsa lewatle di tla tshoha ha o se o le siyo.”’+

19 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke o fedisa jwalo ka metse e se nang baahi ke bile ke etsa hore maqhubu a lewatle a matla a o kwahele a be a o kgame,+ 20 le wena ke tla o theolela lebitleng* jwalo ka ha ke theolela ba bang, moo baholoholo ba hao ba leng teng. Ke tla etsa hore wena le bao ke tla ba theolela lebitleng,+ le dule sebakeng se ka tlase ka ho fetisisa se tshwanang le dibaka tsa kgale tse fedisitsweng e le hore o se ke wa hlola o ba le baahi. Ka mora moo, ke tla hlohonolofatsa* lefatshe.’

21 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ke tla o fedisa ka ho panya ha leihlo mme o ke ke wa hlola o eba teng.+ Ba tla o batla empa ba ke ke ba o fumana.’”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share