Ezekiele
30 Jehova a boela a bua le nna a re: 2 “Mora motho, profeta o re Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re:
‘Llang le hweletse le re “Letsatsi le a tla!”
3 Letsatsi la Jehova le atametse, le haufi.
Letsatsing leo, ho tla ba le maru a matsho,+ e tla be e le nako ya hore ditjhaba di ahlolwe.*+
4 Baegepeta ba tla bolawa ka sabole mme Baethiopia ba tla tshoha haholo ha ba bona Baegepeta ba bolawa.
Maruo a yona a tla nkwa ebe e fediswa ha mmoho le motheo wa yona.+
5 Ethiopia,+ Pute,+ Lude le batho ba ditjhaba tse ding*
Ba tla bolawa ka sabole
Ha mmoho le Kube le batho ba naha ya selekane.’”
6 Jehova o re:
‘Batho ba tshehetsang Egepeta le bona ba tla bolawa,
Ha e sa tla hlola e ikgohomosa ka lebaka la matla a yona hobane a tla fediswa.’+
‘Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole ho tloha Migdole+ ho ya fihla Siene,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong. 7 E tla ba naha e se nang letho ebile metse ya yona e ke ke ya eba le baahi.+ 8 Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke tjhesa Egepeta ebile ke fedisa bohle ba e tshehetsang. 9 Ka letsatsi leo, ke tla roma baromuwa ka dikepe hore ba tshose Baethiopia ba itshepileng ho feta tekano. Ba tla tshoha haholo ha letsatsi la hore Egepeta e ahlolwe le fihla hobane jwang kapa jwang le tla fihla.’
10 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla etsa hore Morena Nebukadnezare* wa Babilona+ a bolaye mabotho a Egepeta. 11 Nebukadnezare le masole a hae a sehloho ka ho fetisisa+ ba tla fedisa naha. Ba bolaye Baegepeta ka disabole mme naha e tlale ditopo.+ 12 Ke tla etsa hore dinokana* tsa Nile+ di omelle ke be ke rekisetse batho ba kgopo naha. Ke tla etsa hore baditjhaba ba nke ntho e nngwe le e nngwe e naheng eo, e sale e se na letho.+ Nna Jehova ke buile.’
13 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla boela ke fedise le ditshwantsho tse rapelwang tse nyonyehang* le medimo e se nang thuso ya Nofe.*+ Ho ke ke ha hlola ho eba le kgosana naheng ya Egepeta ebile ke tla etsa hore naha eo e tshohe.+ 14 Ke tla fedisa motse wa Pathrose,+ ke tjhese motse wa Zowane ke be ke ahlole motse wa No.*+ 15 Ke tla halefela motse wa Sine e leng motse o sireletsehileng wa Egepeta ke be ke fedise baahi ba motse wa No. 16 Ke tla tjhesa Egepeta. Ke tla tshosa motse wa Sine mme motse wa No* o tla hapuwa le wa Nofe* o hlaselwe motshehare. 17 Bahlankana ba motse wa One* le wa Pibesethe ba tla bolawa ka sabole le batho ba metse eo ba iswe botlamuweng. 18 Letsatsi le tla fifala Takpanese ha ke roba dijoko tsa Egepeta moo.+ Matla a yona a etsang hore e ikgohomose a tla fela.+ Maru a tla e kwahela le batho ba dulang metseng ya yona ba iswe botlamuweng.+ 19 Ke tla ahlola Baegepeta mme ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”
20 Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele ka selemo sa bo11, Jehova a bua le nna a re: 21 “Mora motho, ke robile letsoho la Faro morena wa Egepeta. Le ke ke la tlangwa hore le fole kapa la tlangwa ka lesela le tlamisang e le hore le kgone ho tshwara sabole.”
22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke ahlola Faro morena wa Egepeta,+ ke tla mo roba matsoho, ke tla roba le ntseng le le hantle le le robehileng+ ebile a ke ke a kgona ho tshwara sabole.+ 23 Ka mora moo, ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke be ke ba qhalakanye hara dinaha.+ 24 Ke tla matlafatsa matsoho a morena wa Babilona+ mme ke mo fe sabole ya ka.+ Ke tla roba matsoho a Faro, o tla lla a hweletse jwalo ka motho ya shwang ka pela hae.* 25 Ke tla matlafatsa matsoho a morena wa Babilona empa matsoho a Faro a tla holofala. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke fa morena wa Babilona sabole ya ka, o tla e sebedisa ho bolaya batho ba naha ya Egepeta.+ 26 Ke tla hasanya Baegepeta hara ditjhaba ke be ke ba qhalakanye hara dinaha.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova.”