Ezekiele
35 Jehova a boela a bua le nna a re: 2 “Mora motho, profeta molaetsa wa kahlolo sebakeng se dithaba sa Seire.+ 3 O re ho sona, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tlo o ahlola wena sebaka se dithaba sa Seire, ke o etse sebaka se omeletseng, se se nang letho.+ 4 Ke tla senya metse ya hao mme ke etse hore sebaka sa hao se se ke sa eba le letho.+ O tla tseba hore ke nna Jehova 5 hobane o ile wa hloya Baiseraele haholo,+ wa etsa hore ba bolawe ka sabole nakong ya bona ya tlokotsi ha ba ne ba ahlolwa la ho qetela.’+
6 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re, ‘Ka lebaka leo, ke o ahloletse lefu mme ha ho na moo o tla balehela teng. Lefu le tla o latela hobane le wena o ne o ahloletse batho bao o neng o ba hloile lefu.+ 7 Ke tla etsa hore sebaka se dithaba sa Seire se se ke sa eba le letho+ ke be ke bolaye mang kapa mang ya fetang kapa ya kgutlelang ho sona. 8 Dithaba tsa sona ke tla di tlatsa batho ba bolailweng mme batho ba bolailweng ka sabole ba tla wela maralleng, dikgohlong le dinokaneng tsohle tsa hao. 9 Ke tla o fedisa ebile metse ya hao e ke ke ya hlola e eba le baahi.+ O tla tseba hore ke nna Jehova.’
10 Ka ha o ile wa re, ‘Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka. Re tla di nka di le pedi+ hore e be tsa rona’ le hoja nna Jehova ke ne ke le teng hara tsona. 11 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ha ke o ahlola, ke tla halefa ka tsela eo o neng o di halefela ka yona le ka tsela eo o neng o di hloile ka yona.+ Ka nako eo, ke tla etsa hore di ntsebe. 12 O tla tseba hore nna Jehova ke utlwile dintho tsohle tse mpe tseo o di buileng ka dithaba tsa Iseraele ha o re, “Di lahlilwe ebile re fuwe monyetla wa hore re di fedise.”* 13 O buile dintho tse ngata tse mpe ka nna o ikgohomosa. Ke di utlwile kaofela.’
14 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lefatshe lohle le tla thaba ha ke o fedisa. 15 Feela jwalo ka ha o ile wa thaba ha lefa la Baiseraele le fediswa, ke tla o etsa ntho e tshwanang.+ Wena sebaka se dithaba sa Seire, naha yohle ya Edomo,+ o tla fediswa. Batho ba tla tseba hore ke nna Jehova.’”