Dipesaleme
74 Modimo, ke hobaneng ha o re lahletse ruri?+
Ke hobaneng ha o halefetse mohlape wa lekgulo la hao?+
Hopola Thaba ya Sione, eo o dutseng ho yona.+
3 Tsamaya o ye sebakeng se fedisitsweng.+
Sera se fedisitse dintho tsohle sebakeng se halalelang.+
4 Dira tsa hao di ile tsa hweletsa ka hara sebaka sa hao seo ho kopanelwang ho sona.+
Di behile matshwao a tsona moo.
5 Di ne di le jwalo ka banna ba remang difate tse ngata ka dilepe.
6 Di ile tsa roba mekgabiso yohle ya sebaka seo+ ka dilepe le dipalo tsa tshepe.
7 Di tjhesitse sehalalelo sa hao.+
Di silafaditse tabernakele eo lebitso la hao le leng ho yona, tsa e dihela fatshe.
8 Tsona le bana ba tsona di itse ka dipelong tsa tsona:
“Dibaka tsohle tsa Modimo* tseo ho kopanelwang ho tsona naheng ena di lokela ho tjheswa.”
9 Ha ho na dipontsho tseo re di bonang.
Ha ho sa na moprofeta
Ebile ha ho na motho hara rona ya tsebang hore na dintho tsena di tlo nka nako e kae.
10 Modimo, mohanyetsi o tla o nyefola ho fihlela neng?+
Na sera se tla hlompholla lebitso la hao ka ho sa feleng?+
11 Ke hobaneng ha o sa ntshe letsoho la hao le letona?+
Le ntshe ka pokothong e sefubeng* mme o ba fedise.
13 O ile wa fuduha lewatle ka matla a hao.+
Wa silakanya dihlooho tsa dibata tsa lewatle ka metsing.
14 O ile wa silakanya dihlooho tsa Leviathane.*
Wa di fa batho ba dulang mahwatateng hore ba di je.
15 O ile wa tjheka didiba e le hore metsi a ka phalla.+
Wa pshesa dinoka tse phallang ka mehla.+
16 Motshehare le bosiu ke tsa hao.
O entse lesedi le letsatsi.+
17 O entse meedi yohle ya lefatshe.+
Wa etsa mariha le lehlabula.+
18 Jehova, hopola ka moo sera se o nyefolang ka teng
Le ka moo batho ba se nang kelello ba sa hlompheng lebitso la hao ka teng.+
19 O se ke wa fa dibata tsa naha bophelo ba leebanakgorwana la hao.
O se ke wa lebala ka ho sa feleng bophelo ba batho ba hao ba hlorileng.
20 Hopola selekane
Hobane dibaka tse lefifi tsa lefatshe di tletse batho ba ratang ntwa.
21 E se eka ya hateletsweng a ke ke a kgutla a swetsehile.+
E se eka ba maemong a tlase le ba futsanehileng ba ka rorisa lebitso la hao.+
22 Ema Modimo, o buelle nyewe ya hao.
Hopola ka moo mawatla a o nyefolang ka teng letsatsi lohle.+
23 O se ke wa lebala seo dira tsa hao di se buang.
Lerata la ba o hanyetsang le nyolohela ho wena ka mehla.