LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 39
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Gogo le masole a hae ba a fediswa (1-10)

      • Sebaka sa lepato sa Kgohlo ya Hamone-Gogo (11-20)

      • Baiseraele ba tla kgutlisetswa naheng ya bona (21-29)

        • Modimo o fa Baiseraele moya wa hae o halalelang (29)

Ezekiele 39:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:2
  • +Eze 27:13; 32:26

Ezekiele 39:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:4, 15

Ezekiele 39:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:21
  • +Tshe 19:17, 18

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 182

Ezekiele 39:5

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 25:33

Ezekiele 39:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:22

Ezekiele 39:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:16
  • +Esa 6:3

Ezekiele 39:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Hangata di ne di tshwarwa ke batho ba betsang metsu.

Mangolo a Dithupiso

  • +Pes. 46:9

Ezekiele 39:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Kgohlo ya setjhaba sa Gogo.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:2
  • +Eze 39:15

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 182

Ezekiele 39:12

Mangolo a Dithupiso

  • +De 21:22, 23

Ezekiele 39:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:16

Ezekiele 39:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 39:11

Ezekiele 39:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E bolelang “Setjhaba.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 39:12

Ezekiele 39:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 34:6-8; Jer 46:10; Sof 1:7
  • +Tshe 19:17, 18

Ezekiele 39:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 38:4-6; Hag 2:22; Tshe 19:17, 18

Ezekiele 39:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 7:4; 14:4; Esa 37:20; Eze 38:16; Mal 1:11

Ezekiele 39:23

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ka ba patela sefahleho sa ka.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 7:21, 22
  • +De 31:18; Esa 59:2
  • +Le 26:24, 25; De 32:30; Pes. 106:40, 41

Ezekiele 39:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 30:3; Eze 34:13
  • +Hos 1:11; Zak 1:16
  • +Eze 36:21

Ezekiele 39:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Dan 9:16
  • +Le 26:5, 6

Ezekiele 39:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Jer 30:10; AMOSE 9:14; Sof 3:20
  • +Esa 5:16; Eze 36:23

Ezekiele 39:28

Mangolo a Dithupiso

  • +De 30:4

Ezekiele 39:29

Mangolo a Dithupiso

  • +Esa 45:17; 54:8; Jer 29:14
  • +Esa 32:14, 15; JOELE 2:28

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 39:1Eze 38:2
Ezek. 39:1Eze 27:13; 32:26
Ezek. 39:2Eze 38:4, 15
Ezek. 39:4Eze 38:21
Ezek. 39:4Tshe 19:17, 18
Ezek. 39:5Jer 25:33
Ezek. 39:6Eze 38:22
Ezek. 39:7Eze 38:16
Ezek. 39:7Esa 6:3
Ezek. 39:9Pes. 46:9
Ezek. 39:11Eze 38:2
Ezek. 39:11Eze 39:15
Ezek. 39:12De 21:22, 23
Ezek. 39:13Eze 38:16
Ezek. 39:15Eze 39:11
Ezek. 39:16Eze 39:12
Ezek. 39:17Esa 34:6-8; Jer 46:10; Sof 1:7
Ezek. 39:17Tshe 19:17, 18
Ezek. 39:20Eze 38:4-6; Hag 2:22; Tshe 19:17, 18
Ezek. 39:21Ex 7:4; 14:4; Esa 37:20; Eze 38:16; Mal 1:11
Ezek. 39:232Kr 7:21, 22
Ezek. 39:23De 31:18; Esa 59:2
Ezek. 39:23Le 26:24, 25; De 32:30; Pes. 106:40, 41
Ezek. 39:25Jer 30:3; Eze 34:13
Ezek. 39:25Hos 1:11; Zak 1:16
Ezek. 39:25Eze 36:21
Ezek. 39:26Dan 9:16
Ezek. 39:26Le 26:5, 6
Ezek. 39:27Jer 30:10; AMOSE 9:14; Sof 3:20
Ezek. 39:27Esa 5:16; Eze 36:23
Ezek. 39:28De 30:4
Ezek. 39:29Esa 45:17; 54:8; Jer 29:14
Ezek. 39:29Esa 32:14, 15; JOELE 2:28
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 39:1-29

Ezekiele

39 Mora motho, profeta mme o bolelle Gogo+ hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla o lwantsha wena Gogo, kgosana e ka sehloohong ya Mesheke le Tubale.+ 2 Ke tla o kgutlisa, ke o tlose dibakeng tse hole tsa leboya+ mme ke o ise dithabeng tsa Iseraele. 3 Ke tla otla seqha se ka letsohong la hao le letshehadi, ke etse hore metsu e ka letsohong la hao le letona e wele fatshe. 4 Wena le masole ohle a hao le tla bolawa dithabeng tsa Iseraele+ ha mmoho le setjhaba sohle sa hao se tla beng se ena le wena. Ke tla fana ka lona hore le be dijo tsa dinonyana tsa mefuta yohle tse jang nama le dibata tsa naha.’+

5 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘O tla bolaelwa naheng e se nang letho+ hobane ke nna ya buileng.’

6 Ke tla romela mollo ho Magogo le ho bohle ba dulang ba sireletsehile dihlekehlekeng.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova. 7 Ke tla etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se tsebe lebitso la ka le halalelang. Ha ke sa tla dumella hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe. Ditjhaba di tla tseba hore ke nna Jehova+ Modimo ya Halalelang Iseraele.+

8 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsi leo ke buileng ka lona le a tla le dintho tse profetilweng di tla phethahala. 9 Baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa mme ba bokelle dibetsa e le hore ba bese mollo ka tsona. Ba tla bokella dithebe tse kgolo le tse nyenyane,* diqha, metsu, dikoto le marumo. Ba tla besa mollo ka tsona+ ka dilemo tse supileng. 10 Ba ke ke ba hloka ho rwalla patsi naheng kapa merung hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona.

Ba tla nka thepa ya batho ba ileng ba nka thepa ya bona ba be ba hape le dintho tsa batho ba ileng ba hapa tsa bona,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

11 ‘Letsatsing leo, ke tla fa Gogo+ sebaka sa lepato Iseraele, kgohlong eo batho ba fetang ho yona ha ba ya ka botjhabela ho lewatle mme se tla kwala tsela hore batho ba se ke ba feta. Ke hona moo Gogo le setjhaba sohle sa hae ba tla patelwa teng. Sebaka seo se tla bitswa Kgohlo ya Hamone-Gogo.*+ 12 Baiseraele ba tla nka dikgwedi tse supileng ba ntse ba ba pata e le hore ba hlwekise naha.+ 13 Batho bohle ba naha ba tla thusa ka mosebetsi wa ho ba pata mme ba tla tuma letsatsing leo ka lona ke ikgalaletsang,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

14 ‘Banna ba tla fuwa mosebetsi wa ho hlwekisa naha ka hore ba e potolohe ba pate ditopo tse setseng lefatsheng. Ba tla nka dikgwedi tse supileng ba ntse ba batlana le tsona. 15 Ha batho ba fetang naheng ba bona lesapo la motho, ba tla beha letshwao pela lona ebe batho ba fuweng mosebetsi wa ho pata ditopo ba le pata Kgohlong ya Hamone-Gogo.+ 16 Ho tla ba le motse moo o bitswang Hamona.* Ba tla hlwekisa naha.’+

17 Mora motho, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ere ho mefuta yohle ya dinonyana le ho dibata tsohle tsa naha, “Tloong kaofela ha lona. Bokanang mme le potolohe sehlabelo se seholo seo ke le etsetsang sona dithabeng tsa Iseraele.+ Le tla ja nama le be le nwe madi.+ 18 Le tla ja nama ya batho ba matla le be le nwe madi a dikgosana tsa lefatshe e leng diphoofolo tsohle tse nonneng tsa Bashane, diramo, dikonyana, dipodi le dipoho. 19 Le tla ja mafura a mangata, le nwe madi ho fihlela le tahilwe ke sehlabelo seo ke le etseditseng sona.”

20 Tafoleng ya ka le tla ja nama ya dipere, ya bapalami ba dikariki tsa ntwa, ya banna ba matla le ya masole a mefuta yohle+ ho fihlela le kgotshe,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

21 ‘Ke tla bontsha kganya ya ka hara ditjhaba. Ditjhaba tsohle di tla bona kahlolo eo ke faneng ka yona le matla ao ke nang le ona ha ke di ahlola.+ 22 Ho tloha letsatsing leo, Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona. 23 Ditjhaba di tla tseba hore Baiseraele ba ile botlamuweng ka lebaka la diphoso tsa bona le ho se ntshepahalle.+ Ka hoo, ke ile ka ba lahla*+ yaba ke nehelana ka bona ho dira tsa bona+ mme kaofela ha bona ba ile ba bolawa ka sabole. 24 Ke ile ka ba ahlola ho ya ka diphoso tsa bona le ho se hlweke ha bona, ka ba ka ba lahla.’

25 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Ke tla kgutlisa batho ba Jakobo ba neng ba isitswe botlamuweng,+ ke ba kgutlisetse naheng ya bona mme ke hauhele Baiseraele bohle.+ Ke tla etsa ka hohle ho lwanela lebitso la ka le halalelang.+ 26 Ka mora hore ba tlotlollwe ka lebaka la ho se ntshepahalle,+ ba tla dula ba sireletsehile naheng ya bona ho se na motho ya ba tshosang.+ 27 Ha ke ba ntsha ditjhabeng ebile ke ba lata dinaheng tsa dira tsa bona,+ ke tla ikgalaletsa hara bona ditjhaba tse ngata di ntse di shebile.+

28 Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona ha ke ba isa botlamuweng hara ditjhaba ebile ke ba lata, ke ba kgutlisetsa naheng ya bona. Nke ke ka siya le ya mong wa bona.+ 29 Nke ke ka hlola ke ba lahla.+ Ke tla fa Baiseraele moya wa ka o halalelang,’+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share