LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Ezekiele 47
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Ezekiele

      • Nokana e phallang ho tloha tempeleng (1-12)

        • Metsi a ntse a eketseha (2-5)

        • Metsi a Lewatle le Shweleng a a hlwekiswa (8-10)

        • Dibaka tse dulang di ena le metsi le seretse ha di hlwekiswe (11)

        • Difate tsa dijo le tse fodisang (12)

      • Meedi ya naha (13-23)

Ezekiele 47:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 41:2
  • +Zak 13:1; 14:8; Tshe 22:1

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 202-203, 205-207, 208-209

Ezekiele 47:2

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 40:20
  • +Eze 40:6; 44:1, 2

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, leq. 206

Ezekiele 47:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Mona ho buuwa ka ditswe tse telele. Sheba Ntlha ya B14.

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 40:3; Tshe 21:15

Ezekiele 47:4

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”

Ezekiele 47:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.”

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 202-203, 206-207, 208-209

Ezekiele 47:7

Mangolo a Dithupiso

  • +Tshe 22:1, 2

Ezekiele 47:8

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “lehwatata.”

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:47, 49
  • +Zak 14:8

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 202-205, 209-210

Ezekiele 47:9

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dinokana tse pedi.”

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 202-207, 209-210

Ezekiele 47:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Lewatle la Mediterranean.

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 15:20, 62; 2Kr 20:2
  • +Nu 34:2, 6

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 203-205

Ezekiele 47:11

Mangolo a Dithupiso

  • +De 29:22, 23; Pes. 107:33, 34; Jer 17:6

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 203-208, 209-210

Ezekiele 47:12

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 47:1
  • +Tshe 22:1, 2

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 202-203, 205-206, 207-208, 210

Ezekiele 47:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 48:5; 1Kr 5:1; Eze 48:5

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 213-215

Ezekiele 47:14

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 26:3; 28:13

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 213-216

Ezekiele 47:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Eze 48:1
  • +Nu 34:2, 8

Ezekiele 47:16

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 13:21
  • +2Sa 8:8
  • +Eze 47:18

Ezekiele 47:17

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 34:2, 9
  • +Eze 48:1

Ezekiele 47:18

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Lewatle le Shweleng.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:1

Ezekiele 47:19

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “lehlakore le ka borwa.”

  • *

    E leng Phula ya Egepeta.

  • *

    Ka Seheberu: “lehlakore le ka borwa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +De 32:51
  • +Eze 48:28

Ezekiele 47:20

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 34:2, 8

Ezekiele 47:22

Indexes

  • Research Guide

    Borapedi ba Nnete, maq. 216-217

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Ezek. 47:1Eze 41:2
Ezek. 47:1Zak 13:1; 14:8; Tshe 22:1
Ezek. 47:2Eze 40:20
Ezek. 47:2Eze 40:6; 44:1, 2
Ezek. 47:3Eze 40:3; Tshe 21:15
Ezek. 47:7Tshe 22:1, 2
Ezek. 47:8De 4:47, 49
Ezek. 47:8Zak 14:8
Ezek. 47:10Jos 15:20, 62; 2Kr 20:2
Ezek. 47:10Nu 34:2, 6
Ezek. 47:11De 29:22, 23; Pes. 107:33, 34; Jer 17:6
Ezek. 47:12Eze 47:1
Ezek. 47:12Tshe 22:1, 2
Ezek. 47:13Ge 48:5; 1Kr 5:1; Eze 48:5
Ezek. 47:14Ge 26:3; 28:13
Ezek. 47:15Eze 48:1
Ezek. 47:15Nu 34:2, 8
Ezek. 47:16Nu 13:21
Ezek. 47:162Sa 8:8
Ezek. 47:16Eze 47:18
Ezek. 47:17Nu 34:2, 9
Ezek. 47:17Eze 48:1
Ezek. 47:18Nu 32:1
Ezek. 47:19De 32:51
Ezek. 47:19Eze 48:28
Ezek. 47:20Nu 34:2, 8
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Ezekiele 47:1-23

Ezekiele

47 O ile a nkgutlisetsa moo ho kenwang teng tempeleng,+ moo ke ile ka bona metsi a phallela ka botjhabela a tswa tlasa monyako wa tempele+ hobane karolo e ka pele ya tempele e ne e shebile ka botjhabela. Metsi ao a ne a phallela tlase a tswa ka tlasa lehlakore le letona la tempele, ka borwa ho aletare.

2 O ile a tswa le nna ka tsela ya keiti e ka leboya+ a nkisa ka ntle yaba re potoloha keiti e ka ntle e shebileng ka botjhabela.+ Ke ile ka bona metsi a phalla hanyenyane ho tloha ka lehlakoreng le letona.

3 Ha monna eo a tswa a ya ka botjhabela, a tshwere kgwele e methang,+ o ile a metha dimithara tse ka bang 518* yaba o ntshedisa metsing ao. A ne a fihla maqaqailaneng.

4 O ile a metha dimithara tse ding tse ka bang 518* yaba o re ke tshele mme metsi ao a ne a fihla mangoleng.

O ile a boela a metha dimithara tse ding tse ka bang 518* yaba o re ke tshele mme metsi a ne a se a fihla thekeng.

5 Ha a metha dimithara tse ding tse ka bang 518,* e ne e le metsi a tebileng hoo ke neng ke sa kgone ho tshela. Metsi ao a ne a le mangata hoo motho a neng a tla lokela ho sesa. O ne a ke ke a kgona ho tshela ka maoto.

6 O ile a re ho nna: “Mora motho, na o kile wa bona ntho e tjee?”

Yaba o a ntsamaisa o nkgutlisetsa lebopong la noka. 7 Ha ke kgutla, ka bona difate tse ngata haholo ka mahlakoreng a mabedi a lebopo la noka.+ 8 A re ho nna: “Metsi ana a phallela sebakeng se ka botjhabela mme a feta le Araba*+ ebe a kena ka lewatleng. Ha a kena ka lewatleng,+ metsi a lona a tla hlweka. 9 Dibopuwa tse ngata di tla kgona ho phela hohle moo metsi* ao a phallelang teng. Ho tla ba le ditlhapi tse ngata hobane metsi a tla phalla moo. Metsi a lewatle a tla hlweka mme hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e nngwe le e nngwe e tla phela.

10 Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema pela lona ho tloha Ene-gedi+ ho ya fihla Ene-eglaime, moo ho tla ba le sebaka seo ba anehang matlowa a bona ho sona. Ho tla ba le ditlhapi tse ngata tsa mefuta e fapaneng jwalo ka ditlhapi tsa Lewatle le Leholo.*+

11 E tla ba dibaka tse dulang di ena le metsi le tse tletseng seretse mme di ke ke tsa hlwekiswa. Di tla dula di ena le letswai.+

12 Difate tsa mefuta yohle ya ditholwana di tla mela lebopong le ka nqena le ka nqane. Makgasi a tsona a ke ke a omella ebile di tla dula di ena le ditholwana. Di tla beha ditholwana kgwedi e nngwe le e nngwe hobane di fumana metsi ho tswa sehalalelong.+ Ditholwana tsa tsona e tla ba dijo le makgasi a tsona a fodise.”+

13 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha. Le fe Josefa dikarolo tse pedi tsa naha.+ 14 Le tla e fuwa e le lefa ebile le tla e arolelwa ka ho lekana. Ke ile ka hlapanya hore ke tla fa baholoholo ba lona naha ena+ mme hona jwale e fuwa lona e le lefa.

15 Ona ke moedi wa naha o ka lehlakoreng le ka leboya: O tloha Lewatleng le Leholo ka tsela ya Hethlone+ ho ya fihla Zedade,+ 16 Hamathe,+ Berotha+ le Siberaime e dipakeng tsa Damaseka le Hamathe ho ya fihla Hazere-hatikone e pela moedi wa Haurane.+ 17 Moedi o tla tloha lewatleng ho ya fihla Hazare-enone+ moeding wa Damaseka o ka leboya le moeding wa Hamathe.+ Ona ke moedi o ka leboya.

18 Moedi o ka botjhabela o tla tloha dipakeng tsa Haurane le Damaseka o fete Jordane dipakeng tsa Gileade+ le naha ya Iseraele. Le o methe ho tloha moeding o ka leboya ho ya lewatleng le ka botjhabela.* Ona ke moedi o ka botjhabela.

19 Moedi o ka borwa* o tla tloha Tamare o kene metsing a Meribathe-kadeshe+ le Phuleng* mme o fetele Lewatleng le Leholo.+ Ona ke moedi o ka borwa.*

20 Lehlakoreng le ka bophirimela ke Lewatle le Leholo le tlohang moeding o ka borwa ho ya fihla karolong e shebaneng le Lebo-Hamathe.*+ Ona ke moedi o ka bophirimela.

21 Le arolelane naha ena malokong a lona a 12 a Iseraele. 22 Le e arolelane e le lefa le be le e arolele baditjhaba ba dulang le lona ba bileng le bana ba ntse ba dula le lona. Ba tla ba jwalo ka Baiseraele ho lona. Ba tla fuwa lefa malokong a Iseraele ha mmoho le lona. 23 Le fe moditjhaba lefa naheng ya leloko leo a dulang ho lona,” ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share