Hosea
10 “Baiseraele ke sefate sa morara se behang ditholwana tse bodileng.*+
Ha ditholwana tsa bona di eketseha, ba eketsa dialetare tsa bona.+
Ha masimo a bona a beha ditholwana, ba eketsa dipilara tsa bona tse halalelang.+
Ba tla fumanwa ba le molato.
Ho na le motho ya tla diha dialetare tsa bona a be a senye dipilara tsa bona.
3 Jwale ba tla re, ‘Ha re na morena+ hobane ha re a sebeletsa Jehova.
Ke eng eo morena a neng a ka re etsetsa yona?’
4 Ba bua mantswe a se nang thuso, ba etsa dikano tsa leshano+ ebile ba etsa ditumellano.
Ho hloka toka ho atile jwalo ka dimela tse tjhefo masimong a lenngweng.+
5 Baahi ba Samaria ba tla tshohela setshwantsho sa namane sa Bethe-avene.+
Batho ba sona ba tla se llela,
Baprista ba modimo wa baditjhaba ba neng ba se thabela ba bile ba se tlotlisa
Le bona ba tla se llela hobane se tla tloha ho bona se iswe botlamuweng.
6 Setshwantsho seo se tla tliswa Asiria e le mpho ya morena e moholo.+
Efraime e tla hlajwa ke dihlong
Le Iseraele e tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la keletso eo e e latetseng.+
8 Dibaka tse phahameng tsa Bethe-avene+ tse etsang hore Iseraele e etse sebe,+ di tla fediswa.+
Meutlwa le dihlabahlabane di tla mela dialetareng tsa bona.+
Batho ba tla re ho dithaba, ‘Re pateng!’
Le ho maralla, ‘Re weleng hodimo!’+
9 Haesale Baiseraele ba etsa sebe ho tloha mehleng ya Gibea.+
Ha ba a ka ba fetoha moo.
Ntwa e neng e le Gibea ha e a ka ya fedisa batho bohle ba sa lokang.
10 Ke tla ba kgalemela ha ke batla.
Batho ba tla ba hlasela,
Ha ba tlamellwa diphosong tsa bona tse pedi.*
11 Efraime e ne e le kgomo ya sethojana* e kwetlisitsweng e neng e rata ho pola.
Ka hoo, ha ke a ka ka beha joko molaleng wa hae o motle.
Ke tla etsa hore motho e mong a palame* Efraime.+
Juda o tla lema, Jakobo o tla mo thuhela makote.
12 Itjalleng ho loka le kotule lerato.
Itemeleng naha e ka lengwang,+
Le batle Jehova nako e sa le teng,+
Ho fihlela a tla mme a le ruta ka ho loka.+
Le ile la itshepa,
La tshepa masole a lona a mangata.
14 Batho ba hao ba tla etsetswa moferefere
Le metse ya hao e sireleditsweng ka thata e tla senngwa+
Jwalo ka tshenyo e bakilweng ke Shalmane wa Bethe-Arbele
Mohla ho neng ho lwanwa, bomme ba robakanngwa le bana ba bona.
15 Sena ke se tla le etsahalla lona batho ba Bethele+ hobane le kgopo haholo.