Nahume
2 Lona baahi ba Ninive, le tla futuhelwa ke motho ya tla le hasanya.+
Lebelang marako a lona a sireletsang motse,
Le lebele ditsela tsa lona.
Itokisetseng ntwa, le hlomele.
2 Jehova o tla etsa hore Jakobo a hlomphuwe hape,
A etse jwalo le ka Iseraele
Hobane sera se ba senyeditse,+
Se ba senyeditse difate tsa bona tsa morara.
3 Dithebe tsa masole a Ninive di kgubedu,
Diaparo tsa ona di kgubedu tlere!
Dikariki tsa ona di benya jwalo ka mollo
Letsatsing leo ka lona a itokisetsang ntwa
Mme banna ba leotsa marumo a bona a entsweng ka patsi ya sefate sa junipere.
4 Dikariki tsa masole a bona tsa ntwa di matha ka lebelo diterateng,
Di ya hodimo le tlase dimmarakeng.
Di kganya jwalo ka dirumula, di lebelo jwalo ka lehadima.
5 Morena wa Asiria o tla bitsa masole a hae a matla.
Ha a ntse a tsamaya, a tla kgothometseha,
A mathele lerakong la motse
E le ho le sireletsa ka thata.
6 Dikeiti tsa dinoka di tla bulwa
Mme ntlo ya morena e tla heleha.
7 Ho se ho entswe qeto, Ninive o hlobodisitswe,
O tla nkwa a iswe botlamuweng ebe basebeletsi ba hae ba barwetsana ba a lla,
Ba lle jwalo ka maeba ba ntse ba ikotla difuba.
“Kgutlang! Kgutlang!”
Empa ha ho le ya mong ya kgutlang.+
9 Ikgapeleng silevera, le ikgapele kgauta.
Dintho tse bolokilweng di ngata haholo,
Ho tletse dintho tsa bohlokwa tsa mefutafuta.
10 Motse o bodutu, ke lesupi.+
Baahi ba wona ba wele ke letswalo,* mangole a bona a a tsherema,
Ba a bonahala hore ba pudufaletswe.
11 Ho etsahetseng ka motse o neng o ka selao sa ditau,+ moo ditau* di neng di jella teng,
Moo tau e neng e tsamaya le madinyane a yona,
Moo ho neng ho se na motho ya ka di tshosang?
12 Tau e ile ya rusolla diphofu tse lekaneng ho fepa madinyane a yona,
Ya di rusolla le bakeng sa ditauhadi tsa yona.
Ya tlatsa selao sa yona ka diphoofolo tseo e di bolaileng,
Diphoofolo tseo e di harotseng.
13 Jehova wa mabotho o re: