Amose
2 Jehova o itse:
‘“Baahi ba Moabe+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo ho fihlela e eba molora.*
Moabe e tla shwa ho le lerata,
Ho etswa mokgosi wa ntwa ho bile ho letswa lenaka.+
4 Jehova o re:
‘Baahi ba Juda+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse
Hobane ha ba a ka ba mamela molao oo nna Jehova ke ba fileng wona.
Ba iphapanyetsa ditaelo tsa ka.+
Ba kgelositswe ke mashano ao baholoholo ba bona ba neng ba a dumela.+
5 Ka hoo, ke tla romela mollo Juda.
O tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Jerusalema.’+
6 Jehova o re:
‘Baahi ba Iseraele+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke e entseng
Hobane ba rekisa motho ya lokileng hore ba fumane silevera.
Mofutsana yena ba mo rekisa hore ba fumane dieta.*+
Ntate le mora ba robala le mosadi a le mong,
Ba tella lebitso la ka le halalelang.
8 Ba tjapalla pela aletare e nngwe le e nngwe,+ hodima diaparo tseo batho ba di behileng paneng* bakeng sa dikoloto tsa bona.+
Veine eo ba e nwellang matlong* a medimo ya bona ke eo ba patadisitseng batho ka yona.
9 Ke ile ka ba bolaela Baamore+
Ba balelele jwalo ka difate tsa dikedare, ba matla jwalo ka difate tsa ouku,*
Ka fedisa ditholwana tsa bona, ka fothola metso ya bona.+
11 Ke kgethile ba bang ba bara ba bona hore e be baprofeta,+
Ka kgetha bahlankana ba bang hore e be Banazari.+
Baiseraele, na ha ho jwalo?’ ke Jehova ya tjhong.
13 Ke tla ba hatakela
Jwalo ka ha sekosekara* se tshetseng dijo* tse qetang ho kotulwa se hatakela ntho e ka tlasa sona.
14 Ha ho moo ya lebelo a tla balehela teng,+
Senatla se tla fellwa ke matla
Le mohlabani a ke ke a kgona ho ipholosa.
15 Ya sebedisang seqha a ke ke a kgona ho itwanela,
Ya lebelo a ke ke a kgona ho baleha
Le ya palamang pere a ke ke a kgona ho pholoha.