Amose
8 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o ile a mpontsha pono ena: Ka bona baskete e tshetseng ditholwana tsa lehlabula. 2 Yaba o re ho nna: “O bonang Amose?” Ka re: “Baskete e tshetseng ditholwana tsa lehlabula.” Jehova a re: “Letsatsi la hore ke otle setjhaba sa ka le fihlile. Nke ke ka hlola ke se hauhela.+ 3 Nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke re: ‘Letsatsing leo, ho ena le hore ho binwe dipina ka tempeleng, e tla ba diboko.+ Hohle ho tla tlala ditopo,+ ho thole ho re tu!’
4 Mamelang lona ba hatellang bafutsana,
Lona ba thatafaletsang baikokobetsi bophelo,+
5 Le re: ‘Mokete wa kgwedi* e ntjha o fela neng+ re tsebe ho rekisa dijo* tsa rona?
Letsatsi la Sabatha+ le tla feta neng e le hore re rekise dijo,
Re theole tekanyo ya tsona
Ebe re nyolla tjhelete,*
Re qhekelle bareki ka dikala tse sa tshepahaleng?+
7 Jehova o ikanne ka yena, ke yena eo Jakobo a ikotlang sefuba ka yena.+
O itse: ‘Nke ke ka lebala diketso tsa bona le ka mohla.+
Naha* yohle e tla lwebehlana jwalo ka Noka ya Nile,
Ba tla lwebehlana jwalo ka Nile ya Egepeta ha e tletse.’+
9 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo,
Ke tla etsa hore letsatsi le dikele hara mpa ya motshehare,
Ke etse hore naheng ho be lefifi letsatsi le ntse le tjhabile.+
Kaofela ke tla le apesa lesela le hwashang,* ke le kute makorwana.
E tla ka le shwetswe ke mora wa lona ya mong,
Letsatsi leo le tla fella ha bohloko.’
11 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Matsatsi a tla ao ka ona
Ke tla otla naha ka tlala,
Ha le na ho lapela bohobe kapa hona ho nyorelwa metsi
Empa e tla be e le hobane le batla ho utlwa lentswe la Jehova.+
Ba tla solla ba ntse ba batlana le lentswe la Jehova empa ba ke ke ba le fumana.
13 Letsatsing leo, barwetsana ba batle
Le bahlankana ba tla akgeha ke lenyora.
14 Ba ikana ka medimo ya bohata ya Samaria*+ ba re:
“Ke ikana ka modimo wa hao ya phelang, wena Dane.”+
Hape ba re: “Ke ikana ka tsela e yang Beersheba.”*+
Ba tla wa ebile ba ke ke ba phahama.’”+