Amose
4 Mamelang lona ba kang dikgomo tsa Bashane,
Lona ba dulang thabeng ya Samaria,+
Lona basadi ba hlorisang le ho hatella bafutsana,+
Lona ba reng ho banna* ba lona: ‘Re tlisetseng jwala re nwe.’
2 Ka ha Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o a halalela, o hlapantse a re:
‘“Matsatsi a a tla ao ka ona le tla phahamiswa ka dihakisi tse sebediswang selakgeng,
Ba setseng bona ba phahamiswe ka dihuku tse tshwasang ditlhapi.*
3 Le tla tswa ka makgalo, le tsamaye le kolokile
Ebe le lahlelwa Harmone,” ke Jehova ya tjhong.
Tlisang mahlabelo+ a lona hoseng
Ebe ka letsatsi la boraro le tlisa karolo ya leshome*+ ya dintho tsa lona.
5 Tjhesang mahlabelo a bohobe bo nang le tomoso e le ho leboha Modimo,+
Le bolelle motho e mong le e mong hore le ithaopetse ho etsa mahlabelo
Hobane ke yona ntho eo le e batlang lona Baiseraele,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.
6 ‘Le nna ha ke a ka ka le fa dijo metseng yohle ya lona.
Ke ile ka le tima bohobe ka matlung ohle a lona.+
Empa ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.
7 ‘Ke ile ka le tima pula dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho kotula,+
Ka etsa hore e ne ka ho kgetha dibaka.
Tshimong e nngwe pula e ne e na
Empa e nngwe e ne e omeletse hobane ho yona pula e ne e sa na.
8 Batho ba tswang metseng e mmedi kapa e meraro ba bolawang ke lenyora ba ne ba ya ho o mong hore ba yo nwa metsi+
Empa lenyora le ne le sa fele.
Le ha ho le jwalo ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.
9 ‘Ke sentse masimo a lona ka motjheso le phori.*+
Lona la ikekeletsa dirapa le masimo a morara
Empa ditsie tsa kokona difate tsa lona tsa feie* le tsa mohlwaare,+
Ho ntse ho le jwalo ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.
10 ‘Ke le otlile ka lefu la sewa le kang la Egepeta,+
Ka bolaya bara ba lona ka sabole+ yaba ke hapa dipere tsa lona.+
Seputa sa ditopo tse ditenteng tsa lona sa utlwahala hohle+
Yaba le ntse le sa bake,’ ke Jehova ya tjhong.
Le ne le tshwana le sekoqo sa patsi se ntshitsweng mollong,
Empa ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.
12 Wena Iseraele,
Ke tlo o otla hape.
O tle o itokiseditse ho kopana le nna Modimo wa hao hobane ka nnete ke tlo o otla.