Obadia
Ona ke molaetsa o tswang ho Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle oo Obadia a o bolelang mabapi le Edomo:+
“Re utlwile tlaleho e tswang ho Jehova,
Moromuwa o rometswe hara ditjhaba o re:
‘Emang, re itokisetseng ho lwantsha Edomo.’”+
2 “Ke o entse ya se nang thuso hara ditjhaba.
Di o nyatsa haholo.+
3 Boikgohomoso ba hao bo o thetsitse,+
Wena ya balehelang* lefikeng,
Ya dulang hodimo dithabeng, o ntse o re ka pelong,
‘Ke mang ya tla ntiha?’
4 Le haeba o ka dula hodimo* jwalo ka ntsu
Kapa wa hahela hara dinaledi,
Ke tla o theola hona moo,” ke Jehova ya tjhong.
Na di ne di ke ke tsa utswa dintho tseo di di batlang feela?
Kapa haeba batho ba kotulang morara ba ka tla ho wena,
Na ba ne ba ke ke ba siya o mong?+
6 Wena Esau, dintho tsohle tsa hao di fumanwe.
Maruo ohle a hao ao o a patileng a nkilwe.
7 Ba o tebetse naheng ya habo bona.
Bohle ba entseng tumellano le wena ba o thetsitse.
Banna ba entseng kgotso le wena ba o hlotse.
Ba jang bohobe le wena ba tla o tjhehela leraba
Empa o ke ke wa lemoha.
8 Letsatsing leo,” ke Jehova ya tjhong,
“Ke tla timetsa ba bohlale ba tswang Edomo+
Le ba nang le temoho ba tswang dithabeng tsa Esau.
9 Bahlabani ba hao ba tla tshoha,+ wena Temane+
Hobane e mong le e mong ya dithabeng tsa Esau o tla bolawa.+
11 Letsatsing leo o neng o emeletse ka thoko,
Mohla ba direng* ba isang masole a Jakobo botlamuweng,+
Ha ba direng ba kena motseng* wa hae mme ba arolelana maruo a Jerusalema ka lotho,*+
O ne o le hara bona.
12 O ne o sa lokela ho thabela ho bona ditsietsi tsa ngwaneno letsatsing la tlokotsi ya hae,+
O ne o sa lokela ho thabela batho ba Juda letsatsing la ho timela ha bona+
Ebile o ne o sa lokela ho ba soma letsatsing la mahlomola a bona.
13 O ne o sa lokela ho kena motseng wa batho ba ka mohla ba neng ba welwa ke koduwa,+
O ne o sa lokela ho thabela ho bona tlokotsi ya hae mohla a neng a hlahelwa ke koduwa.
O ne o sa lokela ho inkela maruo a hae letsatsing la koduwa ya hae.+
14 O ne o sa lokela ho ema mateanong a ditsela ho lalla ba phonyohileng ba hae e le hore o ba bolaye.+
O ne o sa lokela ho nehelana ka bona ho dira tsa hae letsatsing la mahlomola.+
15 Etswe letsatsi la hore Jehova a ahlole ditjhaba tsohle le haufi.+
Ho tla etswa ho wena jwalo ka ha o entse ho yena.+
O tla tshwarwa ka tsela eo o tshwereng ba bang ka yona.
16 Tsela eo le nweleng veine ka yona hodima thaba ya ka e halalelang,
Ke tsela eo ka yona ditjhaba tsohle di tla nne di nwe kgalefo ya ka.+
Di tla nwa kgalefo ya ka le ho e menyeletsa.
Di tla nyamela jwalo ka ha eka ha di eso ka di eba teng.
17 Empa ba phonyohileng ba tla dula Thabeng ya Sione,+
E tla halalela+
Mme ba ntlo ya Jakobo ba tla lata thepa ya bona.+
18 Ba ntlo ya Jakobo e tla ba mollo,
Ba ntlo ya Josefa e be lelakabe,
Ba ntlo ya Esau bona ba be jwalo ka ditlhaka.
Ba tla ba tjhesa mme ba ba fedise.
Ha ho motho ho ba ntlo ya Esau ya tla phonyoha+
Hobane Jehova o tjhulo.
Ba tla nka naha ya Efraime le naha ya Samaria,+
Benjamine yena a nke Gileade.
20 Ha e le baphaphathehi ba tswang totomeng ena+
E leng Baiseraele, ba tla nka naha ya Bakanana ho ya fihla Sarepta.+
Baphaphathehi ba Jerusalema ba neng ba le Sefarade ba tla nka metse ya Negebe.+