LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 14
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya 2 Samuele

      • Joabe le mosadi wa Motekowa (1-17)

      • Davida o hlokomela leqheka la Joabe (18-20)

      • Absalome o dumellwa hore a kgutle (21-33)

2 Samuele 14:1

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 2:18; 1Kr 2:15, 16
  • +2Sa 13:39; 18:33; 19:2

2 Samuele 14:2

Mangolo a Dithupiso

  • +2Kr 11:5, 6; 20:20; AMOSE 1:1
  • +Moek. 9:8; Dan 10:3

2 Samuele 14:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “o mo kenya mantswe ka hanong.”

2 Samuele 14:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng tshepo ya ho ba le ditloholo.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 35:19; De 19:11, 12

2 Samuele 14:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “mopheteletsi wa madi.”

  • *

    Ka Seheberu: “ha ho moriri le ha o le mong wa hae o tla wela fatshe.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 35:19, 27; De 19:6
  • +De 6:13; Moek. 8:4

2 Samuele 14:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 19:5; Nu 6:27
  • +2Sa 13:38

2 Samuele 14:16

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 14:2, 7

2 Samuele 14:19

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “ya nkentseng mantswe ana ka hanong.”

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 14:1-3

2 Samuele 14:21

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 14:13
  • +2Sa 13:38

2 Samuele 14:23

Mangolo a Dithupiso

  • +De 3:14; 2Sa 3:3; 13:37

2 Samuele 14:26

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 200.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    E ka nna yaba e ne e le tekanyo ya boima e neng e sebediswa ntlong ya borena kapa e le shekele ya “boreneng” e neng e sa tshwane le dishekele tse ding.

2 Samuele 14:27

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 18:18

2 Samuele 14:28

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 14:24

2 Samuele 14:32

Mangolo a Dithupiso

  • +2Sa 14:23

2 Samuele 14:33

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 45:15

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

2 Sam. 14:12Sa 2:18; 1Kr 2:15, 16
2 Sam. 14:12Sa 13:39; 18:33; 19:2
2 Sam. 14:22Kr 11:5, 6; 20:20; AMOSE 1:1
2 Sam. 14:2Moek. 9:8; Dan 10:3
2 Sam. 14:7Nu 35:19; De 19:11, 12
2 Sam. 14:11Nu 35:19, 27; De 19:6
2 Sam. 14:11De 6:13; Moek. 8:4
2 Sam. 14:13Ex 19:5; Nu 6:27
2 Sam. 14:132Sa 13:38
2 Sam. 14:162Sa 14:2, 7
2 Sam. 14:192Sa 14:1-3
2 Sam. 14:212Sa 14:13
2 Sam. 14:212Sa 13:38
2 Sam. 14:23De 3:14; 2Sa 3:3; 13:37
2 Sam. 14:272Sa 18:18
2 Sam. 14:282Sa 14:24
2 Sam. 14:322Sa 14:23
2 Sam. 14:33Ge 45:15
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
2 Samuele 14:1-33

Buka ya Bobedi ya Samuele

14 Joabe mora wa Tseruja+ a hlokomela hore morena o ne a hlolohetswe Absalome.+ 2 Yaba Joabe o re ho bitswe mosadi ya bohlale Tekowa+ mme a re ho yena: “Ke kopa o etse eka o shweletswe, o apare diaparo tsa batho ba shweletsweng mme o se ke wa itlotsa ka oli.+ O be jwalo ka mosadi ya qetileng nako e telele a utlwile bohloko ka lebaka la ho shwelwa. 3 Jwale o ye ho morena mme o bue mantswe a latelang.” Yaba Joabe o a mo bolella hore na a reng.*

4 Mosadi wa Motekowa a ya ho morena mme a kgumama yaba o a inama o re ho morena: “Morena, nthuse!” 5 Morena a re ho yena: “Molato keng?” A araba a re: “Ke mohlolohadi mme monna wa ka o shwele. 6 Nna mohlanka wa hao ke ne ke ena le bara ba babedi yaba ha ba le naheng ba a lwantshana. Ho ne ho se na motho ya ba thibang yaba e mong o otla e mong ho fihlela a shwa. 7 Jwale lelapa lohle le lwantsha nna mohlanka wa hao mme le re, ‘Tlisa ya bolaileng ngwanabo e le hore re mo bolaye hobane o bolaile ngwanabo+ esita le haeba ke yena mojalefa ya setseng.’ Ba batla ho bolaya mora wa ka ya setseng, ya jwalo ka leshala la ka la ho qetela le hlenneng* mme ba fedise lebitso la monna wa ka le ditloholo tsa hae lefatsheng.”

8 Morena a re ho mosadi eo: “Kgutlela ha hao. Ke tla lokisa taba ena.” 9 Yaba mosadi wa Motekowa o re ho morena: “Morenaka, e se eka molato o ka ba hodima ka le ho ba lelapa la Ntate mme morena le terone ya hae ba hloke molato.” 10 Morena a re: “Haeba le ha e le mang a ka bua ho hong ho wena, o mo tlise ho nna mme a ke ke a hlola a o tshwenya.” 11 Empa mosadi eo a re: “Ka kopo, morena e se eka o ka hopola Jehova Modimo wa hao mme o se ke wa dumella hore motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ a bolaye mora wa ka.” Yaba o re: “Ka Jehova ya phelang,+ ha ho na motho ya tla lematsa mora wa hao.”* 12 Jwale mosadi eo a re: “Ka kopo, ere mohlanka wa hao a bue mantswe ana ho morenaka.” Yaba morena o re: “Bua.”

13 Mosadi eo a re: “Jwale ke hobaneng ha o nahanne ho etsa ntho e tjee ho batho ba Modimo?+ Ha morena a bua ka tsela ena, o iketsa ya molato hobane morena ha a kgutlise mora wa hae ya lelekilweng.+ 14 Re tla shwa mme re be jwalo ka metsi a qhalletsweng fatshe a ke keng a kgutliswa hape. Modimo a ke ke a bolaya motho empa o sheba mabaka a hore na ke hobaneng ha motho ya lelekilweng a sa lokela ho lelekwa ho ya ho ile mahlong a hae. 15 Ke tlile ho tla bua mantswe ana ho morenaka hobane batho ba ile ba ntshosa. Ka hoo nna mohlanka wa hao ka re, ‘Ere ke bue le morena. Mohlomong morena o tla phethahatsa kopo ya mohlanka wa hae. 16 Mohlomong morena o tla mmamela le ho mpholosa ho batho ba batlang ho bolaya nna le mora wa ka ya setseng a le mong hore re se ke ra fumana lefa leo Modimo a re fileng lona.’+ 17 Jwale mohlanka wa hao a re, ‘E se eka mantswe a morenaka a ka ntshedisa’ ka ha morenaka o jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete tabeng ya ho kgetholla se setle ho se sebe. E se eka Jehova Modimo a ka ba le wena.”

18 Morena a araba mosadi eo a re: “Ke kopa o se ke wa mpatela ntho le ha e le efe eo ke o botsang yona.” Mosadi eo a re: “Ke kopa morenaka a ke a bue.” 19 Yaba morena o re ho yena: “Na ke Joabe ya o rommeng?”+ Mosadi eo a re: “Morenaka, ke a o hlapanyetsa, hore taba ena e fela e le jwalo, ka nnete ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng hore ke bue mantswe ana.* 20 Mohlanka wa hao Joabe o entse tjena e le hore o tle o fetole maikutlo a hao ka taba ena empa morenaka o bohlale jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete mme o tseba sohle se etsahalang naheng.”

21 Morena a re ho Joabe: “Ho lokile, ke tla e etsa ntho ena.+ Tsamaya o yo lata mohlankana Absalome.”+ 22 Hanghang Joabe a kgumama, a inama yaba o rorisa morena. Joabe a re: “Kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o a amoheleha mahlong a hao morenaka hobane morena o phethahaditse seo mohlanka wa hae a se kopileng.” 23 Jwale Joabe a ema a ya Geshure+ mme a tlisa Absalome Jerusalema. 24 Le ha ho le jwalo, morena a re: “Ha a kgutlele ntlong ya hae feela a se ke a tlo mpona.” Ka hoo Absalome a kgutlela ntlong ya hae mme ha a ka a bona morena.

25 Jwale Iseraele yohle ho ne ho se na monna ya roriswang jwalo ka Absalome ka lebaka la botle ba hae. O ne a le motle ho tloha leotong ho ya fihla hloohong. Ho ne ho se na letho le phoso ho yena. 26 Ha a ne a kuta moriri wa hae, o ne a o kuta qetellong ya selemo se seng le se seng hobane o ne o mo imela. Moriri wa hae o ne o le boima ba dikhilokramo tse ka hodimo ho tse pedi* ho ya ka boima* ba lejwe la borena. 27 Absalome a ba le bara ba bararo+ le moradi a le mong, eo lebitso la hae e neng e le Tamare. E ne e le mosadi e motle haholo.

28 Absalome a nna a dula Jerusalema dilemo tse pedi kaofela empa ha a ka a bona morena.+ 29 Ka hoo, Absalome a re ho bitswe Joabe e le hore a tle a mo rome ho morena empa Joabe ha a ka a dumela ho tla. Jwale a re a bitswe hape ka lekgetlo la bobedi empa a nna a hana ho tla. 30 Qetellong a re ho bahlanka ba hae: “Tshimo ya Joabe e pela ya ka mme o lemme harese ho yona. Tsamayang le yo e tjhesa.” Ka hoo, bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo. 31 Yaba Joabe o a ema, o tla ho Absalome ntlong mme o re ho yena: “Ke hobaneng ha bahlanka ba hao ba tjhesitse tshimo ya ka?” 32 Absalome a re ho Joabe: “Ke ile ka o romella molaetsa ka re, ‘Tloo ke o rome ho morena, o yo re ho yena: “Ke hobaneng ha ke latilwe Geshure?+ Ho ka be ho bile molemo hoja ke ile ka dula moo. Jwale ere ke bone morena mme haeba ke le molato a tle a mpolaye.”’”

33 Ka hoo, Joabe a ya ho morena mme a mo bolella. Yaba morena o bitsa Absalome, ya ileng a fihla a kgumama a ba a inama ka pela hae. Yaba morena o suna Absalome.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share