Hosea
12 “Efraime o tshepile ntho e se nang thuso.*
O qeta letsatsi lohle a lelekisa moya wa botjhabela.
O rata leshano le ntwa haholo.
O etsa selekane le Asiria+ mme o romela oli Egepeta.+
2 Jehova o na le nyewe le Juda.+
O tla fa Jakobo kotlo ka lebaka la diketso tsa hae,
A mo putse ho ya ka mesebetsi ya hae.+
4 A nna a lwana le lengeloi mme a hlola.
A lla, a kopa hore le mo hauhele.”+
Modimo a mo fumana Bethele yaba o bua le rona moo.+
O tshepe Modimo wa hao ka dinako tsohle.
7 Rakgwebo o sebedisa dikala tse sa tshepahaleng.
O rata ho qhekella.+
8 Efraime o ntse a re, ‘Ke ruile.+
Ke fumane maruo.+
Mosebetsing wohle wa ka o boima, ba ke ke ba fumana letho le phoso kapa sebe.’
9 Nna Jehova haesale ke le Modimo wa hao ho tloha ha o le naheng ya Egepeta.+
Ke tla etsa hore o dule ditenteng hape
Jwalo ka dinakong tseo ho nang le mokete.
10 Ke ile ka bua le baprofeta,+
Ka eketsa dipono tsa bona
Ka ba ka etsa dipapiso ke sebedisa baprofeta.
11 Ho na le bolotsana* le mashano Gileade.+
Ba entse mahlabelo a dipoho Gilgale.+
Dialetare tsa bona di tshwana le diqubu tsa majwe diforong tsa masimo.+
12 Jakobo o ile a balehela naheng* ya Arame.*+
13 Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta a sebedisa moprofeta+
A ba a mo hlokomela a sebedisa moprofeta.+
Morena wa hae o tla mo fa kotlo ka lebaka la ho mo nyefola.”+