Genese
36 Ena ke histori ya Esau eo hape a bitswang Edomo.+
2 Esau o ile a nyala basadi bana ba tswang Kanana: Ada+ moradi wa Elone wa Mohethe+ le Oholibama+ moradi wa Ana, setloholo sa Zibeone wa Moheve 3 le Basmathe+ moradi wa Ishmaele, kgaitsedi ya Nebajothe.+
4 Ada a tswalla Esau Elifaze mme Basmathe a tswala Reuele,
Bana ke bara ba Esau bao a ba tswalletsweng naheng ya Kanana. 6 Esau a nka basadi ba hae, bara, baradi ba hae le bohle ba lelapa la hae. A nka le diphoofolo tsohle tsa hae le maruo ohle ao a ileng a ba le ona+ ha a le naheng ya Kanana mme a ya naheng e nngwe, hole le Jakobo ngwanabo.+ 7 Dintho tsa bona di ne di le ngata haholo hore ba ka dula mmoho mme naha eo ba neng ba dula* ho yona e ne e sa ba lekane ka lebaka la diphoofolo tsa bona. 8 Esau a dula dithabeng tsa Seire.+ Esau o boetse o bitswa Edomo.+
9 Ena ke histori ya Esau ntate wa Baedomo ba dulang dithabeng tsa Seire.+
10 Ana ke mabitso a bara ba Esau: Elifaze mora wa Ada, mosadi wa Esau, Reuele mora wa Basmathe, mosadi e mong wa Esau.+
11 Bara ba Elifaze e ne e le Temane,+ Omare, Zefo, Gatame le Kenaze.+ 12 Timna ya eba serethe* sa Elifaze, mora wa Esau. Ha nako e fihla a tswalla Elifaze Amaleke.+ Bana ke bara ba Ada, mosadi wa Esau.
13 Bana ke bara ba Reuele: Nahathe, Zera, Shama le Miza. Ke bara ba Basmathe+ mosadi wa Esau.
14 Bana ke bara ba Oholibama bao a ileng a ba tswalla Esau: Jeushe, Jalame le Kora. Oholibama e ne e le mosadi wa Esau hape e le moradi wa Ana ebile e le setloholo sa Zibeone.
15 Bana ke baetapele ba bara ba Esau:+ Bara ba Elifaze, letsibolo la Esau: Moetapele Temane, Moetapele Omare, Moetapele Zefo, Moetapele Kenaze,+ 16 Moetapele Kora, Moetapele Gatame le Moetapele Amaleke. Bana ke baetapele ba Elifaze+ naheng ya Edomo. Ke bara ba Ada.
17 Bana ke bara ba Reuele, mora wa Esau: Moetapele Nahathe, Moetapele Zera, Moetapele Shama le Moetapele Miza. Bana ke baetapele ba Reuele naheng ya Edomo.+ Ke bara ba Basmathe, mosadi wa Esau.
18 Bana ke bara ba Oholibama mosadi wa Esau: Moetapele Jeushe, Moetapele Jalame le Moetapele Kora. Ke baetapele ba Oholibama moradi wa Ana, mosadi wa Esau.
19 Bana ke bara ba Esau e leng Edomo+ mme bana ke baetapele ba bona.
20 Bana ke bara ba Seire wa Mohore, baahi ba naha:+ Lotane, Shobale, Zibeone, Ana,+ 21 Dishone, Ezere le Dishane.+ Bana ke baetapele ba Bahore, bara ba Seire, naheng ya Edomo.
22 Bara ba Lotane e ne e le Hori le Hemame mme kgaitsedi ya Lotane e ne e le Timna.+
23 Bana ke bara ba Shobale: Alvane, Manahathe, Ebale, Shefo le Oname.
24 Bana ke bara ba Zibeone:+ Aja le Ana. Enwa ke Ana ya ileng a fumana didiba tsa metsi a tjhesang lefeelleng ha a ntse a hlokometse ditonki tsa ntate wa hae Zibeone.
25 Bana ke bana ba Ana: Dishone le Oholibama moradi wa Ana.
26 Bana ke bara ba Dishone: Hemdane, Eshbane, Ithrane le Kerane.+
27 Bana ke bara ba Ezere: Bilhane, Zavane le Akane.
28 Bana ke bara ba Dishane: Utse le Arane.+
29 Bana ke baetapele ba Bahore: Moetapele Lotane, Moetapele Shobale, Moetapele Zibeone, Moetapele Ana, 30 Moetapele Dishone, Moetapele Ezere le Moetapele Dishane.+ E ne e le baetapele ba Bahore naheng ya Seire.
31 Ana ke marena a ileng a busa naha ya Edomo+ pele morena le ha e le ofe a busa Baiseraele.*+ 32 Bela mora wa Beore o ile a busa Edomo mme motse wa hae e ne e le Dinhaba. 33 Ha Bela a shwa, Jobabe mora wa Zera ya tswang Bozra a busa ka mora hae. 34 Ha Jobabe a shwa, Hushame ya tswang naheng ya Batemane a busa ka mora hae. 35 Ha Hushame a shwa, Hadade mora wa Bedade, ya hlotseng Bamidiane+ naheng ya Moabe, a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Avithe. 36 Ha Hadade a shwa, Samla ya tswang Masreka a busa ka mora hae. 37 Ha Samla a shwa, Shaule ya tswang Rehobothe pela Noka a busa ka mora hae. 38 Ha Shaule a shwa, Baale-hanane mora wa Akbore a busa ka mora hae. 39 Ha Baale-hanane mora wa Akbore a shwa, Hadare a busa ka mora hae. Lebitso la motse wa hae e ne e le Pau mme lebitso la mosadi wa hae e le Mehetabele moradi wa Matrede moradi wa Mezahabe.
40 Ana ke mabitso a baetapele ba Esau ho ya ka malapa le dibaka tsa bona: Moetapele Timna, Moetapele Aleva, Moetapele Jethethe,+ 41 Moetapele Oholibama, Moetapele Ela, Moetapele Pinone, 42 Moetapele Kenaze, Moetapele Temane, Moetapele Mibzare, 43 Moetapele Magdiele le Moetapele Irame. E ne e le baetapele ba Edomo ho ya ka dibaka tsa bona tsa bodulo naheng ya bona.+ Enwa ke Esau ntate wa Baedomo.+