Numere
2 Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Baiseraele ba hlome ditente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsweng ho dula teng. Motho e mong le e mong a be pela letshwao la moholoholo wa hae. Ba hlome ditente tsa bona hore di potolohe tente ya pokano mme di shebe ka ho yona.
3 Ba hlomang ditente tsa bona ka botjhabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Juda ho ya ka dihlopha tsa bona.* Kgosana ya bara ba Juda ke Nashone+ mora wa Aminadabe. 4 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+ 5 Leloko la Isakare le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora wa Zuare. 6 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+ 7 Pela hae e tla ba leloko la Zabulone. Kgosana ya bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora wa Helone. 8 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+
9 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+
10 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Rubene+ se be ka borwa ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Rubene ke Elizure+ mora wa Shedeure. 11 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12 Leloko la Simeone le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 13 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14 Pela hae e be leloko la Gade. Kgosana ya bara ba Gade ke Eliasafe+ mora wa Reuele. 15 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+
16 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobedi ba ho tloha.+
17 Ha tente ya pokano e tloswa,+ ditente tsa Balevi di be bohareng ba ditente tse ding.
Ba tsamaye ka tsela e tshwanang le eo ba hlomang ditente ka yona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.
18 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Efraime ke Elishama+ mora wa Amihude. 19 Ba ngodisitsweng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20 Pela hae e be leloko la Manase.+ Kgosana ya bara ba Manase ke Gamaliele+ mora wa Pedazure. 21 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22 Pela hae e be leloko la Benjamine. Kgosana ya bara ba Benjamine ke Abidane+ mora wa Gideoni. 23 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+
24 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+
25 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Dane se be ka leboya ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Dane ke Akiezere+ mora wa Amishadai. 26 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27 Leloko la Ashere le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Ashere ke Pagiele+ mora wa Okrane. 28 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29 Pela hae e be leloko la Nefthali. Kgosana ya bara ba Nefthali ke Ahira+ mora wa Enane. 30 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+
31 Bohle ba ngodisitsweng ditenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.”
32 Bana ke Baiseraele ba neng ba ngodisitswe ho ya ka mabitso a baholoholo ba bona. Bohle ba ditenteng ba ngodisitsweng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33 Empa Balevi ha ba a ka ba ngodiswa+ ha mmoho le Baiseraele ba bang+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 34 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka yona ba neng ba hloma ditente dihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka yona,+ e mong le e mong ho ya ka lelapa la habo le ho ya ka mabitso a baholoholo ba hae.