Numere
23 Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona+ mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.” 2 Kapelepele Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse. Yaba Balake le Balame ba nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+ 3 Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso, nna ke tsamaye. Mohlomong Jehova o tla bua le nna. Ntho le ha e le efe eo a tla mpontsha yona, ke tla o bolella yona.” Ka hoo, a ya leralleng le se nang letho.
4 Modimo a kopana le Balame+ mme Balame a re ho yena: “Ke hlophisitse dialetare tse supileng mme ke nyehetse poho le ramo aletareng ka nngwe.” 5 Jehova a laela Balame hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.” 6 Ka hoo, a kgutla mme a bona hore Balake le dikgosana tsohle tsa Moabe di ne di eme pela nyehelo ya hae ya setjheso. 7 Jwale Balame a bua maele ana a reng:+
“Balake morena wa Moabe o ntlositse Arame,+
Ho tloha dithabeng tsa botjhabela:
‘Tloo o bitsetse Jakobo bomadimabe bakeng sa ka.
Tloo o nyatse Iseraele.’+
8 Ke jwang nka bitsetsang bomadimabe bao Modimo a sa ba bitsetsang bomadimabe?
Ke jwang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+
9 Ke ba bona ke le hodima mafika,
Ke ba bona ke le maralleng.
10 Ke mang ya ka balang lerole la Jakobo+
Kapa ya ka balang le ha e ka ba kotara ya batho ba Iseraele?
Ere nke ke shwe lefu la ba lokileng
Mme qetello ya ka e ke e tshwane le ya bona.”
11 Yaba Balake o re ho Balame: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Ke o tlisitse mona hore o tlo bitsetsa dira tsa ka bomadimabe empa wena o di hlohonolofaditse.”+ 12 A araba a re: “Ke buile seo Jehova a itseng ke se bue.”+
13 Balake a re ho yena: “Ke kopa o tle le nna sebakeng se seng seo o tla ba bona o le ho sona. O ke ke wa ba bona kaofela. O tla kgona ho bona feela karolo e itseng ya bona. Ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 14 Ka hoo, a mo isa tshimong ya Zofime, ka hodima Pisga+ mme a haha dialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+ 15 Ka hoo, Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso ebe nna ke ya mane ke yo bua le Modimo.” 16 Jehova a kopana le Balame mme a mo laela hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.” 17 Ka hoo, a tla ho Balake mme a bona hore o ne a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso mme dikgosana tsa Moabe di ne di ena le yena. Balake a re: “Jehova o itseng?” 18 Yaba o bua maele ana a reng:+
“Ema Balake mme o mamele.
Mmamele, wena mora wa Zipore.
Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa?
Ha a buile, na a ke ke a phetha?+
20 Ke tlile mona ho tla hlohonolofatsa,
Jwale Modimo o ba hlohonolofaditse+ mme nke ke ka kgona ho fetola seo.+
21 Ha a dumelle hore Jakobo a louwe
Ebile ha a dumelle hore Iseraele e hlahelwe ke kgathatso.
Jehova Modimo wa hae o na le bona+
Mme ba mo rorisa ka mantswe a phahameng ba phatlalatsa hore ke morena wa bona.
22 Modimo o ba ntsha Egepeta.+
O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa bona.+
23 Ha ho mantswe a boloi a bakelang Jakobo bomadimabe+
Kapa bonohe le ha e le bofe kgahlanong le Iseraele.+
Nakong ena ho ka thwe ka Jakobo le Iseraele:
‘Bonang seo Modimo a se entseng.’
Se ke ke sa robala se eso je phofu
Le ho nwa madi a diphofu tse bolailweng.”
25 Yaba Balake o re ho Balame: “Haeba o sa ba bitsetse bomadimabe, jwale le teng o se ke wa ba hlohonolofatsa.” 26 Balame a araba Balake a re: “Na ha ke a ka ka re ho wena, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+
27 Balake a re ho Balame: “Ke kopa o tle ke o ise sebakeng se seng hape. Mohlomong Modimo wa nnete o tla bona ho nepahetse hore o ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 28 Yaba Balake o isa Balame ka hodima Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29 Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.”+ 30 Ka hoo, Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse mme a nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.